Meetlo 25:7-23 BIBELE (SSO89SO)

7. le diphoofolo tsa hao, le dibatana tsa naha ya heno, matshwabodi ao e tla ba dijo tsa tsona.

8. “ <O tla bala dilemo tse supileng tsa phomolo, e be dilemo tse supileng hasupa, e leng dilemo tsa mashome a mane a metso e robong.

9. Ka letsatsi la leshome la kgwedi ya bosupa, o tla letsa lenaka; ka letsatsi la tefelo ya sebe le tla letsa lenaka hara naha yohle ya lona.

10. Le tla halaletsa selemo sa mashome a mahlano, mme le phatlalatse hara naha yohle hore baahi bohle ba yona ba lokolohile. Selemo seo e tla ba sa lona sa mokete wa tokoloho. Motho e mong le e mong a boellwe ke lefa la hae, e mong le e mong a kgutlele ho ba habo.

11. Selemo sa mashome a mahlano e tla ba sa mokete wa lona wa tokoloho. Le se ke la lema letho; le se ke la kotula le matshwabodi, kapa la kga morara o sa kang wa faolwa.

12. Selemo seo ke sa mokete wa tokoloho, mme e tla ba se halalelang ho lona; le tla ja matshwabodi.

13. “ <Selemong seo sa mokete wa tokoloho e mong le e mong a boellwe ke lefa la hae.

14. “ <Ha o rekisetsa mohaeno ho hong, kapa o reka ho hong ho yena, le se ke la qhekanyetsana.

15. O reke ntho ya mohaeno ho ya ka palo ya dilemo ho tloha mohla mokete wa tokoloho; le yena a o rekisetse ho ya ka palo ya dilemo tsa kotulo tse sa setseng, pele ho fihla mokete o mong wa tokoloho.

16. O tla eketsa theko ho ya ka bongata ba dilemo, o e fokotse ho ya ka bonyenyane ba dilemo, hobane o o rekisetsa kotulo ya dilemo tse hlahlamanang.

17. Le se ke la qhekanyetsana, le mpe le tshabe Modimo wa lona, hobane ke nna Morena Modimo wa lona.

18. “ <Le tla boloka melao ya ka, le phethe ditaelo tsa ka, le di phethisise, le tle le phele ka boiketlo naheng eo.

19. Naha e tla beha ditholwana tsa yona, le je, le kgore, mme le phele ka boiketlo ho yona.

20. Ha le ka la ipotsa hore na ka selemo sa bosupa le tla ja eng, ha e le moo le sa tlo lema kapa le kotule,

21. ka selemo sa botshelela ke tla le hlohonolofatsa, mme le tla tjhaya dijo tse lekaneng dilemo tse tharo.

22. Ha le lema ka selemo sa borobedi, le tla be le eja thoko; ka selemo sa borobong, ho fihlela le kotula, le tla be le eja dinyase.

23. “ <Naha e se ke ya rekisetswa ruri, hobane ke ya ka, lona le baeti le bajaki ho nna.

Meetlo 25