Meetlo 25:5-17 BIBELE (SSO89SO)

5. O se ke wa kotula matshwabodi, o se ke wa kga le morara o sa faolwang wa tshimo ya hao ya morara, e be selemo sa hore tshimo e lale.

6. Empa matshwabodi a tla mela ka selemo sa phomolo e tla ba dijo tsa hao, le tsa mohlanka wa hao, le tsa lekgabunyane le hao, le tsa mohiruwa wa hao, le tsa moeti ya phelang tlung ya hao;

7. le diphoofolo tsa hao, le dibatana tsa naha ya heno, matshwabodi ao e tla ba dijo tsa tsona.

8. “ <O tla bala dilemo tse supileng tsa phomolo, e be dilemo tse supileng hasupa, e leng dilemo tsa mashome a mane a metso e robong.

9. Ka letsatsi la leshome la kgwedi ya bosupa, o tla letsa lenaka; ka letsatsi la tefelo ya sebe le tla letsa lenaka hara naha yohle ya lona.

10. Le tla halaletsa selemo sa mashome a mahlano, mme le phatlalatse hara naha yohle hore baahi bohle ba yona ba lokolohile. Selemo seo e tla ba sa lona sa mokete wa tokoloho. Motho e mong le e mong a boellwe ke lefa la hae, e mong le e mong a kgutlele ho ba habo.

11. Selemo sa mashome a mahlano e tla ba sa mokete wa lona wa tokoloho. Le se ke la lema letho; le se ke la kotula le matshwabodi, kapa la kga morara o sa kang wa faolwa.

12. Selemo seo ke sa mokete wa tokoloho, mme e tla ba se halalelang ho lona; le tla ja matshwabodi.

13. “ <Selemong seo sa mokete wa tokoloho e mong le e mong a boellwe ke lefa la hae.

14. “ <Ha o rekisetsa mohaeno ho hong, kapa o reka ho hong ho yena, le se ke la qhekanyetsana.

15. O reke ntho ya mohaeno ho ya ka palo ya dilemo ho tloha mohla mokete wa tokoloho; le yena a o rekisetse ho ya ka palo ya dilemo tsa kotulo tse sa setseng, pele ho fihla mokete o mong wa tokoloho.

16. O tla eketsa theko ho ya ka bongata ba dilemo, o e fokotse ho ya ka bonyenyane ba dilemo, hobane o o rekisetsa kotulo ya dilemo tse hlahlamanang.

17. Le se ke la qhekanyetsana, le mpe le tshabe Modimo wa lona, hobane ke nna Morena Modimo wa lona.

Meetlo 25