41. Jwale o tla lokoloha mosebetsing wa hao, yena le bana ba hae, a kgutlele ho ba lelapa la hae, le leruong la bo-ntatae,
42. hobane ke bahlanka ba ka bao ke ba ntshitseng naheng ya Egepeta, mme ba ke ke ba rekiswa jwalokaha ho rekiswa makgoba.
43. O se ke wa ba sotla, o mpe o tshabe Modimo wa hao.
44. “ <Empa makgoba le makgabunyane e tla nne e be a hao, e be a tswang ditjhabeng tse haufi le wena; ho tsona o ka reka makgoba kapa makgabunyane.
45. Le bana ba bajaki ba jakileng ho lona le ka ba reka, esita le ditloholo tsa bona tse tswaletsweng naheng ya lona. E tla ba leruo la hao.
46. Le tla ba siela ditloholo tsa lona hore e be lefa la tsona, mme di ba etse makgoba a mehla yohle. Empa bana beno, ba Baiseraele, le se ke la ba sotla.
47. “ <Ha moditjhaba kapa mojaki ya ahelaneng le wena a rua, eba ngwaneno ya pela hae o a futsaneha, mme o ithekisa ho moditjhaba kapa mojaki eo ya ahelaneng le wena, kapa o ithekisa ho setloholo sa lelapa la moditjhaba eo;
48. ha a se a ithekisitse o tla ba le tokelo ya ho lopollwa. E mong wa bana babo a ka mo lopolla.
49. Rangwanae, kapa mora wa rangwanae, kapa e mong ya tswalanang le yena, a ka mo lopolla; kapa haeba a ena le matla a ka itopolla.
50. Eo o tla rerisana le ya mo rekileng, ba bale nako ho tloha selemong seo a ithekisitseng ka sona, ho ya fihla selemong sa mokete wa tokoloho, mme tjhelete ya topollo e lekane le palo ya dilemo, e balwe ho ya ka tjhelete e lefuwang mohiruwa.
51. Haeba ho sa setse dilemo tse ngata pele ho mokete wa tokoloho, morekuwa o tla buseletsa moreki tjhelete e lekanang dilemo tseo.
52. Haeba mokete wa tokoloho o saletswe ke dilemo tse seng kae, o tla itefella tjhelete ya topollo, e lekanang dilemo tseo tse sa setseng.
53. O tla phela le moditjhaba eo e le mosebeletsi ya lefuwang ka selemo le selemo, mme monga hae a se ke a mo sotla moo o ntseng o bona.
54. “ <Empa haeba a sa lopollwe ka dilemo tsena tse sa setseng, o tla lokoloha ka selemo sa mokete wa tokoloho, yena le bana ba hae.