37. O se ke wa mo adima tjhelete ya hao ka ho batla tswala, kapa dijo tsa hao ka ho batla phaello.
38. Ke nna Morena Modimo wa lona, ya le ntshitseng naheng ya Egepeta, hore ke tle ke le nee naha ya Kanana, mme ke be Modimo wa lona.
39. “ <Ha ngwaneno a futsaneha, mme a ithekisa ho wena, o se ke wa mo sebedisa jwaloka lekgoba.
40. A phele le wena jwaloka mohiruwa kapa jwaloka mojaki, mme a o sebeletse ho fihlela ka selemo sa mokete wa tokoloho.
41. Jwale o tla lokoloha mosebetsing wa hao, yena le bana ba hae, a kgutlele ho ba lelapa la hae, le leruong la bo-ntatae,
42. hobane ke bahlanka ba ka bao ke ba ntshitseng naheng ya Egepeta, mme ba ke ke ba rekiswa jwalokaha ho rekiswa makgoba.
43. O se ke wa ba sotla, o mpe o tshabe Modimo wa hao.
44. “ <Empa makgoba le makgabunyane e tla nne e be a hao, e be a tswang ditjhabeng tse haufi le wena; ho tsona o ka reka makgoba kapa makgabunyane.
45. Le bana ba bajaki ba jakileng ho lona le ka ba reka, esita le ditloholo tsa bona tse tswaletsweng naheng ya lona. E tla ba leruo la hao.
46. Le tla ba siela ditloholo tsa lona hore e be lefa la tsona, mme di ba etse makgoba a mehla yohle. Empa bana beno, ba Baiseraele, le se ke la ba sotla.
47. “ <Ha moditjhaba kapa mojaki ya ahelaneng le wena a rua, eba ngwaneno ya pela hae o a futsaneha, mme o ithekisa ho moditjhaba kapa mojaki eo ya ahelaneng le wena, kapa o ithekisa ho setloholo sa lelapa la moditjhaba eo;
48. ha a se a ithekisitse o tla ba le tokelo ya ho lopollwa. E mong wa bana babo a ka mo lopolla.
49. Rangwanae, kapa mora wa rangwanae, kapa e mong ya tswalanang le yena, a ka mo lopolla; kapa haeba a ena le matla a ka itopolla.
50. Eo o tla rerisana le ya mo rekileng, ba bale nako ho tloha selemong seo a ithekisitseng ka sona, ho ya fihla selemong sa mokete wa tokoloho, mme tjhelete ya topollo e lekane le palo ya dilemo, e balwe ho ya ka tjhelete e lefuwang mohiruwa.
51. Haeba ho sa setse dilemo tse ngata pele ho mokete wa tokoloho, morekuwa o tla buseletsa moreki tjhelete e lekanang dilemo tseo.
52. Haeba mokete wa tokoloho o saletswe ke dilemo tse seng kae, o tla itefella tjhelete ya topollo, e lekanang dilemo tseo tse sa setseng.
53. O tla phela le moditjhaba eo e le mosebeletsi ya lefuwang ka selemo le selemo, mme monga hae a se ke a mo sotla moo o ntseng o bona.
54. “ <Empa haeba a sa lopollwe ka dilemo tsena tse sa setseng, o tla lokoloha ka selemo sa mokete wa tokoloho, yena le bana ba hae.
55. Bana ba Iseraele ke bahlanka ba ka; ke bahlanka ba ka, bao ke ba ntshitseng naheng ya Egepeta. Ke nna Morena Modimo wa lona.