Meetlo 25:30-41 BIBELE (SSO89SO)

30. Empa ha selemo se ka fela e eso lopollwe, ntlo eo e motseng o kahara lerako, e tla ba ya ya e rekileng, le ya ditloholo tsa hae kamehla yohle; e ke ke ya kgutlela ho mong a yona ka mokete wa tokoloho.

31. Empa matlo a metseng e seng kahara marako, wona a tla balellwa e le karolo ya naha e kathoko; a ka lopollwa, mme ka selemo sa mokete wa tokoloho a tla kgutlela ho beng ba wona.

32. “ <Metseng ya Balevi teng, matlo a metseng ya bona a ka lopollwa ka dinako tsohle.

33. Ha ntlo ya Molevi e motseng o kahara lerako e rekiswa ke Molevi, empa e sa lopollwe, e tla kgutlela ho mong a yona la selemo sa mokete wa tokoloho, hobane matlo a Balevi, a metseng ya Baiseraele, wona ke lefa la bona.

34. Empa makgulo a mathokong a metse ya bona a ke ke a rekiswa, hobane ke lefa la bona la mehla yohle.

35. “ <Ha ngwaneno a futsaneha, mme a sitwa ho iphedisa, o mo thuse jwalokaha o ka thusa moditjhaba kapa mojaki, mme a phele le wena.

36. O se ke wa mmatla tswala kapa phaello, o mpe o tshabe Modimo wa hao, ngwaneno a tle a phele le wena.

37. O se ke wa mo adima tjhelete ya hao ka ho batla tswala, kapa dijo tsa hao ka ho batla phaello.

38. Ke nna Morena Modimo wa lona, ya le ntshitseng naheng ya Egepeta, hore ke tle ke le nee naha ya Kanana, mme ke be Modimo wa lona.

39. “ <Ha ngwaneno a futsaneha, mme a ithekisa ho wena, o se ke wa mo sebedisa jwaloka lekgoba.

40. A phele le wena jwaloka mohiruwa kapa jwaloka mojaki, mme a o sebeletse ho fihlela ka selemo sa mokete wa tokoloho.

41. Jwale o tla lokoloha mosebetsing wa hao, yena le bana ba hae, a kgutlele ho ba lelapa la hae, le leruong la bo-ntatae,

Meetlo 25