2. “Bua le bana ba Iseraele, o re ho bona: <Ha le fihla naheng eo ke le neang yona, masimo a lale, le wona a boloke phomolo ya Morena.
3. Ka dilemo tse tsheletseng o tla lema tshimo ya hao, ka dilemo tse tsheletseng o faole morara o tshimong ya hao, o kotule tseo e di behileng.
4. Empa ka selemo sa bosupa tshimo e tla lala, e be le selemo se seholo sa phomolo, e leng phomolo ya Morena. O se ke wa lema tshimo ya hao, le morara wa tshimo ya hao ya merara o se ke wa o faola.
5. O se ke wa kotula matshwabodi, o se ke wa kga le morara o sa faolwang wa tshimo ya hao ya morara, e be selemo sa hore tshimo e lale.
6. Empa matshwabodi a tla mela ka selemo sa phomolo e tla ba dijo tsa hao, le tsa mohlanka wa hao, le tsa lekgabunyane le hao, le tsa mohiruwa wa hao, le tsa moeti ya phelang tlung ya hao;
7. le diphoofolo tsa hao, le dibatana tsa naha ya heno, matshwabodi ao e tla ba dijo tsa tsona.
8. “ <O tla bala dilemo tse supileng tsa phomolo, e be dilemo tse supileng hasupa, e leng dilemo tsa mashome a mane a metso e robong.
9. Ka letsatsi la leshome la kgwedi ya bosupa, o tla letsa lenaka; ka letsatsi la tefelo ya sebe le tla letsa lenaka hara naha yohle ya lona.
10. Le tla halaletsa selemo sa mashome a mahlano, mme le phatlalatse hara naha yohle hore baahi bohle ba yona ba lokolohile. Selemo seo e tla ba sa lona sa mokete wa tokoloho. Motho e mong le e mong a boellwe ke lefa la hae, e mong le e mong a kgutlele ho ba habo.
11. Selemo sa mashome a mahlano e tla ba sa mokete wa lona wa tokoloho. Le se ke la lema letho; le se ke la kotula le matshwabodi, kapa la kga morara o sa kang wa faolwa.
12. Selemo seo ke sa mokete wa tokoloho, mme e tla ba se halalelang ho lona; le tla ja matshwabodi.