Meetlo 23:3-14 BIBELE (SSO89SO)

3. “ <Ho ka sebetswa ka matsatsi a tsheletseng, empa letsatsi la bosupa ke letsatsi le leholo la phomolo; ke la phutheho e halalelang. Le se ke la etsa mosebetsi ofe kapa ofe; ke Sabatha sa Morena diahelong tsohle tsa lona.

4. “ <Ena ke mekete e beilweng ya Morena, e leng diphutheho tse halalelang, tseo le tla di phatlalatsa ka dinako tsa tsona.

5. “ <Ka letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi ya pele, ka nako ya phirimana, ke Paseka ya Morena.

6. Ka letsatsi la leshome le metso e mehlano, hona kgweding eo, ke mokete wa Morena wa bohobe bo sa lomoswang, mme ka matsatsi a supileng le je bohobe bo sa lomoswang.

7. Ka letsatsi la pele le tla ba le phutheho e halalelang, le se ke la etsa mosebetsi ofe kapa ofe ka letsatsi leo.

8. Ka matsatsi a supileng le tla etsetsa Morena nyehelo ya setjheso. Letsatsi la bosupa ke la phutheho e halalelang, le se ke la etsa mosebetsi ofe kapa ofe ka letsatsi leo.> ”

9. Morena a bua ho Moshe, a re:

10. “Bua le bana ba Iseraele, o re ho bona: <Ha le fihla naheng eo ke le naeng yona, mme le kotula tseo e di behileng, le tla tlisetsa moprista ngata ya dilopotsiya tsa lona.

11. Yena o tla akgotsa ngata eo kapele ho Morena, e le hore le tle le amohelehe. Moprista o tla e akgotsa hoseng ha letsatsi le hlahlamang la phomolo.

12. Ka letsatsi leo le akgotsang ngata ka lona, le etsetse Morena nyehelo ya setjheso ka konyana e tona, e nang le selemo, e se nang sepha.

13. Nyehelo ya phofo yona e be boima ba dikilo tse pedi tsa phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole, e be nyehelo ya setjheso sa Morena se monko o monate. Hape ho be le nyehelo ya seno sa veine ya lethara e le nngwe.

14. Ho fihlela le tlisitse nyehelo ya Modimo wa lona, le se ke la ja bohobe, le diqhome kapa lefotho, ho fihlela ka lona letsatsi leo. Ona e tla ba molao wa mehla yohle melokong ya lona, diahelong tsa lona tsohle.

Meetlo 23