Meetlo 23:29-43 BIBELE (SSO89SO)

29. Motho ofe kapa ofe ya sa tlo itima dijo ka letsatsi lena, o tla kgaolwa setjhabeng sa habo.

30. Motho ofe kapa ofe ya etsang mosebetsi ofe kapa ofe ka letsatsi lena, ke tla mo timetsa setjhabeng sa habo.

31. Le se ke la etsa mosebetsi ofe kapa ofe, mme ona e tla ba molao wa mehla yohle melokong ya lona, diahelong tsohle tsa lona.

32. E tla ba letsatsi le leholo la phomolo ya lona, mme le tla itima dijo. Ka phirimana ya letsatsi la borobong la kgwedi eo, le tla boloka Sabatha seo sa lona, ho fihlela ka phirimana e hlahlamang.”

33. Yaba Morena o bua ho Moshe, o re:

34. “Bua le bana ba Iseraele, o re: <Ka letsatsi la leshome le metso e mehlano la kgwedi ya bosupa, ke mokete wa maphephe, o ketekelwang Morena ka matsatsi a supileng.

35. Letsatsi la pele ke la phutheho e halalelang; le se ke la etsa mosebetsi ofe kapa ofe.

36. Ka matsatsi a supileng le tla etsetsa Morena nyehelo ya setjheso. Ka letsatsi la borobedi le tla ba le phutheho e halalelang, mme le etsetse Morena nyehelo ya setjheso. Phutheho ena ke ya ho phomola, mme le se ke la etsa mosebetsi ofe kapa ofe.

37. “ <Ena ke mekete ya Morena, eo le tla e phatlalatsa hore ke ya phutheho e halalelang, ke ya ho etsetsa Morena nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya dijo, le sehlabelo, le nyehelo ya dino, mme nyehelo ka nngwe e etswe ka letsatsi la yona.

38. Tsena ke tse kathoko ho mekete ya Disabatha tsa Morena, le dimpho tsa lona, le dikano tsa lona, le dinyehelo tsa lona tsa boithaopo, tseo le di abelang Morena.

39. “ <Empa ka letsatsi la leshome le metso e mehlano la kgwedi ya bosupa, ha le se le bokeletse dijo masimong, le tla keteka mokete wa Morena ka matsatsi a supileng. Letsatsi la pele e tla ba la phomolo, le letsatsi la borobedi e tla ba la phomolo.

40. Ka letsatsi la pele le tla kga ditholwana tsa difate tse ntle, le makala a dipalema, le maswai a difate, le a moduwane wa noka, mme ka matsatsi a supileng le thabe kapele ho Morena.

41. Le tla keteka mokete ona ka matsatsi a supileng, ka selemo se seng le se seng, e le wa Morena. Ona ke molao wa mehla yohle melokong ya lona, mme le tla etsa mokete ona ka kgwedi ya bosupa.

42. “ <Le tla phela maphepheng ka matsatsi a supileng, mme matswallwa wohle a naha ya Iseraele a tla phela maphepheng,

43. hore ditloholo tsa lona di tle di tsebe hore ke ile ka phedisa bana ba Iseraele maphepheng, mohla ke neng ke ba ntsha naheng ya Egepeta. Ke nna Morena Modimo wa lona.> ”

Meetlo 23