Meetlo 23:23-38 BIBELE (SSO89SO)

23. Yaba Morena o bua ho Moshe, o re:

24. “Bua le bana ba Iseraele, o re: <Letsatsi la pele la kgwedi ya bosupa e tla ba letsatsi la lona la phomolo, la kgopotso e etswang ka ho letswa ha terompeta; ke la phutheho e halalelang.

25. Le se ke la etsa mosebetsi ofe kapa ofe, le etsetse Morena nyehelo ya setjheso.> ”

26. Morena a bua ho Moshe, a re:

27. “Letsatsi la leshome la kgwedi ya bosupa, ke letsatsi la tefelo ya sebe, mme le tla ba le phutheho e halalelang. Le tla itima dijo, le etsetse Morena nyehelo ya setjheso.

28. Ka lona letsatsi lena le se ke la etsa mosebetsi ofe kapa ofe, hobane ke letsatsi la tefelo ya sebe sa lona ho Morena Modimo wa lona.

29. Motho ofe kapa ofe ya sa tlo itima dijo ka letsatsi lena, o tla kgaolwa setjhabeng sa habo.

30. Motho ofe kapa ofe ya etsang mosebetsi ofe kapa ofe ka letsatsi lena, ke tla mo timetsa setjhabeng sa habo.

31. Le se ke la etsa mosebetsi ofe kapa ofe, mme ona e tla ba molao wa mehla yohle melokong ya lona, diahelong tsohle tsa lona.

32. E tla ba letsatsi le leholo la phomolo ya lona, mme le tla itima dijo. Ka phirimana ya letsatsi la borobong la kgwedi eo, le tla boloka Sabatha seo sa lona, ho fihlela ka phirimana e hlahlamang.”

33. Yaba Morena o bua ho Moshe, o re:

34. “Bua le bana ba Iseraele, o re: <Ka letsatsi la leshome le metso e mehlano la kgwedi ya bosupa, ke mokete wa maphephe, o ketekelwang Morena ka matsatsi a supileng.

35. Letsatsi la pele ke la phutheho e halalelang; le se ke la etsa mosebetsi ofe kapa ofe.

36. Ka matsatsi a supileng le tla etsetsa Morena nyehelo ya setjheso. Ka letsatsi la borobedi le tla ba le phutheho e halalelang, mme le etsetse Morena nyehelo ya setjheso. Phutheho ena ke ya ho phomola, mme le se ke la etsa mosebetsi ofe kapa ofe.

37. “ <Ena ke mekete ya Morena, eo le tla e phatlalatsa hore ke ya phutheho e halalelang, ke ya ho etsetsa Morena nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya dijo, le sehlabelo, le nyehelo ya dino, mme nyehelo ka nngwe e etswe ka letsatsi la yona.

38. Tsena ke tse kathoko ho mekete ya Disabatha tsa Morena, le dimpho tsa lona, le dikano tsa lona, le dinyehelo tsa lona tsa boithaopo, tseo le di abelang Morena.

Meetlo 23