Meetlo 23:15-26 BIBELE (SSO89SO)

15. “ <Ho tloha ka letsatsi le hlahlamang la phomolo, e leng letsatsi leo ka lona le tlisitseng ngata e akgotswang, le tla bala dibeke tse supileng, mme e be dibeke tse phethehileng.

16. Ka letsatsi le hlahlamang beke ya bosupa, e leng letsatsi la mashome a mahlano, le tla etsetsa Morena nyehelo e ntjha ya dijo.

17. Le tlise dinkgwa tse pedi, tse akgotswang, tse tswang malapeng a lona, tse entsweng ka phofo e thumisehileng e boima ba dikilo tse pedi, mme di phehwe di sa lomoswa, e be dilopotsiya tsa Morena.

18. O tla nyehela ka bohobe boo, le ka dikonyana tse supileng, tse nang le selemo, tse se nang sepha; le ka pohwana, le ka dipheleu tse pedi. Tsena e tla ba nyehelo ya setjheso ya Morena, hammoho le nyehelo ya bona ya dijo le nyehelo ya bona ya seno. Ke nyehelo ya setjheso se monko o monate ho Morena.

19. Hape o tla nyehela ka phooko e le nyehelo e tlosang sebe, le ka dikonyana tse pedi tse tona, tse nang le selemo, e le sehlabelo sa nyehelo ya teboho.

20. Moprista o tla di akgotsa hammoho le bohobe bo entsweng ka dilopotsiya, e le nyehelo e akgotswang kapele ho Morena. Tsena, mmoho le dikonyana tse pedi, di tla halalela ho Morena, mme e be tsa moprista.

21. Ka lona letsatsi leo o tla phatlalatsa hore ho tla ba le phutheho e halalelang ya lona, mme le se ke la etsa mosebetsi ofe kapa ofe. Ona e tla ba molao wa mehla yohle melokong ya lona, diahelong tsa lona tsohle.

22. “ <Ha le kotula masimo a lona, le se ke la kotudisisa ho ya fihla meeding, mme le se ke la kgwahlapisa moo le seng le kotutse teng. Le siele mofutsana le moeti. Ke nna Morena Modimo wa lona.> ”

23. Yaba Morena o bua ho Moshe, o re:

24. “Bua le bana ba Iseraele, o re: <Letsatsi la pele la kgwedi ya bosupa e tla ba letsatsi la lona la phomolo, la kgopotso e etswang ka ho letswa ha terompeta; ke la phutheho e halalelang.

25. Le se ke la etsa mosebetsi ofe kapa ofe, le etsetse Morena nyehelo ya setjheso.> ”

26. Morena a bua ho Moshe, a re:

Meetlo 23