Meetlo 23:1-8 BIBELE (SSO89SO)

1. Morena a bua ho Moshe, a re:

2. “Bua le bana ba Iseraele, o re ho bona: <Dinako tsa mekete ya Morena, tseo le tla di phatlalatsa e le dinako tsa diphutheho tse halalelang, tsa mekete ya ka, ke tsena.

3. “ <Ho ka sebetswa ka matsatsi a tsheletseng, empa letsatsi la bosupa ke letsatsi le leholo la phomolo; ke la phutheho e halalelang. Le se ke la etsa mosebetsi ofe kapa ofe; ke Sabatha sa Morena diahelong tsohle tsa lona.

4. “ <Ena ke mekete e beilweng ya Morena, e leng diphutheho tse halalelang, tseo le tla di phatlalatsa ka dinako tsa tsona.

5. “ <Ka letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi ya pele, ka nako ya phirimana, ke Paseka ya Morena.

6. Ka letsatsi la leshome le metso e mehlano, hona kgweding eo, ke mokete wa Morena wa bohobe bo sa lomoswang, mme ka matsatsi a supileng le je bohobe bo sa lomoswang.

7. Ka letsatsi la pele le tla ba le phutheho e halalelang, le se ke la etsa mosebetsi ofe kapa ofe ka letsatsi leo.

8. Ka matsatsi a supileng le tla etsetsa Morena nyehelo ya setjheso. Letsatsi la bosupa ke la phutheho e halalelang, le se ke la etsa mosebetsi ofe kapa ofe ka letsatsi leo.> ”

Meetlo 23