5. kapa monna ya amang sehahabi se ka mo silafatsang, kapa ya amang monna e mong ya ka mo silafatsang ka baka la sesila sa hae;
6. motho ya amang ya jwalo o tla ba le sesila ho fihlela ka phirimana. Motho eo a ke ke a ja dintho tse halalelang, haese ha a se a totse ka metsi.
7. Ha letsatsi le se le diketse e tla ba o hlwekile, mme kamorao ho moo a ka ja dintho tse halalelang, hobane ke dijo tsa hae.
8. A se ke a ja nama ya phoofolo e itjhweletseng feela, kapa e harotsweng ke dibatana, hobane e tla mo silafatsa. Ke nna Morena.
9. “ <Ba tla boloka taelo ya ka, hore ba se ke ba ipelesa sebe ka lebaka la yona, mme ba eshwa, hobane ba e silafaditse.
10. “ <Moditjhaba ofe kapa ofe a se ke a ja dintho tse halalelang; le moeti ya fihletseng ha moprista, kapa mohiruwa, a se ke a ja dintho tse halalelang.
11. Lekgoba leo moprista a le rekileng ka tjhelete ya hae, lona le ka ja dintho tseo tse halalelang. Le bohle ba tswaletsweng tlung ya moprista ba ka ja dijo tseo tsa hae.
12. “ <Ha moradi wa moprista a nyetswe ke moditjhaba, a ke ke a ja dijo tse halalelang tsa nyehelo.
13. Empa haeba moradi wa moprista e le mohlolohadi, kapa a hlalane le monna, a se na bana, mme a kgutletse tlung ya ntatae jwalokaha e sa le ngwana, yena a ka ja dijo tseo tsa ntatae. Empa moditjhaba yena a ke ke a di ja.
14. “ <Ha monna a ka ja ntho e halalelang ka phoso, o tla eketsa ntho eo e halalelang ka karolo e le nngwe ho tse hlano ya yona, mme a e nee moprista.
15. “ <Baprista ba se ke ba silafatsa dintho tse halalelang, tseo bana ba Iseraele ba di nyehellang Morena;
16. ba se ke ba itjarisa molato wa bokgopo ka ho ja dintho tse halalelang, hobane ke nna Morena ya ba halaletsang.> ”
17. Morena a bua ho Moshe, a re:
18. “Bua ho Arone le ho bara ba hae, le ho bana bohle ba Iseraele, o re ho bona: <Monna ofe kapa ofe wa ntlo ya Iseraele, kapa ya jakileng naheng ya Iseraele, ya tlisang nyehelo ya hae, e ka ba nyehelo ya kano, kapa nyehelo ya boithaopo, e nyehellwang Morena hore e be ya setjheso,
19. hore a tle a amohelehe, eka kgona e be phoofolo e tona, e se nang sepha; e ka ba kgomo, kapa nku, kapa podi.
20. Le se ke la nyehela ka phoofolo e nang le sepha, hobane e ke ke ya amoheleha.
21. Ha monna a etsetsa Morena nyehelo ya sehlabelo sa teboho, e le ya kano e kgethehileng, kapa e le nyehelo ya boithaopo, e be kgomo kapa nku e se nang sepha, hore e tle e amohelehe.
22. Tse foufetseng, kapa tse robehileng, kapa tse holofetseng, kapa tse nang le dibebe, kapa dihlahala, kapa lekgwekgwe, tsena le se ke la nyehella Morena ka tsona; le se ke la etsa nyehelo ya setjheso ka tsona hodima aletare ya Morena.