Meetlo 22:3-12 BIBELE (SSO89SO)

3. “Ere ho bona: <Monna ofe kapa ofe wa ditloholo tsa hao, melokong yohle ya tsona, ya ka atamelang dintho tse halalelang, tseo bana ba Iseraele ba di kgethelang Morena, monna eo a ntse a silafetse, o tla lelekwa kapele ho nna. Ke nna Morena.

4. “ <Monna ofe kapa ofe eo e leng setloholo sa Arone, ya tswileng lepera, kapa ya nang le seso se qhitsang, a se ke a ja dintho tse halalelang a eso ka a hlweka. Monna ofe kapa ofe ya amang motho ya silafaditsweng ke ho ama setopo, kapa ya hoshotsang metsi a bonna;

5. kapa monna ya amang sehahabi se ka mo silafatsang, kapa ya amang monna e mong ya ka mo silafatsang ka baka la sesila sa hae;

6. motho ya amang ya jwalo o tla ba le sesila ho fihlela ka phirimana. Motho eo a ke ke a ja dintho tse halalelang, haese ha a se a totse ka metsi.

7. Ha letsatsi le se le diketse e tla ba o hlwekile, mme kamorao ho moo a ka ja dintho tse halalelang, hobane ke dijo tsa hae.

8. A se ke a ja nama ya phoofolo e itjhweletseng feela, kapa e harotsweng ke dibatana, hobane e tla mo silafatsa. Ke nna Morena.

9. “ <Ba tla boloka taelo ya ka, hore ba se ke ba ipelesa sebe ka lebaka la yona, mme ba eshwa, hobane ba e silafaditse.

10. “ <Moditjhaba ofe kapa ofe a se ke a ja dintho tse halalelang; le moeti ya fihletseng ha moprista, kapa mohiruwa, a se ke a ja dintho tse halalelang.

11. Lekgoba leo moprista a le rekileng ka tjhelete ya hae, lona le ka ja dintho tseo tse halalelang. Le bohle ba tswaletsweng tlung ya moprista ba ka ja dijo tseo tsa hae.

12. “ <Ha moradi wa moprista a nyetswe ke moditjhaba, a ke ke a ja dijo tse halalelang tsa nyehelo.

Meetlo 22