24. Le se ke la nyehella Morena ka phoofolo eo makwalata a yona a tetetsehileng, kapa a pshatlehileng, kapa a thuehileng, kapa a sehilweng. Le se ke la etsa jwalo naheng ya lona.
25. “ <Le se ke la nyehella Morena ka tse tswang ho baditjhaba, hore e be dijo tsa hae, hobane di silafetse, di na le sepha, mme di ke ke tsa amoheleha.> ”
26. Morena a bua ho Moshe, a re:
27. “Ha namane, kapa konyana, kapa potsanyane e tswalwa, e lokela ho nyanya mma yona ka matsatsi a supileng. Ho tloha ka letsatsi la borobedi le a hlahlamang, e ka amoheleha ho etsetsa Morena nyehelo ya setjheso.
28. Kgomo le namane ya yona, kapa nku le konyana ya yona, di se ke tsa hlajwa ka tsatsi le le leng.
29. “Ha o etsetsa Morena sehlabelo sa teboho, o tla se etsa hore se tle se amohelehe.
30. Se jewe ka lona letsatsi leo, o se ke wa siya letho le ka fihlelwang ke letsatsi la hosasane. Ke nna Morena.
31. “Le boloke melao ya ka, le e phethe. Ke nna Morena.
32. Le se ke la silafatsa lebitso la ka le halalelang; ke halaletswe hara bana ba Iseraele. Ke nna Morena ya le halaletsang,
33. ya le ntshitseng naheng ya Egepeta, hore ke be Modimo wa lona. Ke nna Morena.”