18. “Bua ho Arone le ho bara ba hae, le ho bana bohle ba Iseraele, o re ho bona: <Monna ofe kapa ofe wa ntlo ya Iseraele, kapa ya jakileng naheng ya Iseraele, ya tlisang nyehelo ya hae, e ka ba nyehelo ya kano, kapa nyehelo ya boithaopo, e nyehellwang Morena hore e be ya setjheso,
19. hore a tle a amohelehe, eka kgona e be phoofolo e tona, e se nang sepha; e ka ba kgomo, kapa nku, kapa podi.
20. Le se ke la nyehela ka phoofolo e nang le sepha, hobane e ke ke ya amoheleha.
21. Ha monna a etsetsa Morena nyehelo ya sehlabelo sa teboho, e le ya kano e kgethehileng, kapa e le nyehelo ya boithaopo, e be kgomo kapa nku e se nang sepha, hore e tle e amohelehe.
22. Tse foufetseng, kapa tse robehileng, kapa tse holofetseng, kapa tse nang le dibebe, kapa dihlahala, kapa lekgwekgwe, tsena le se ke la nyehella Morena ka tsona; le se ke la etsa nyehelo ya setjheso ka tsona hodima aletare ya Morena.
23. Haeba pohwana kapa nku e ena le maoto a fetanang, o ka etsa nyehelo ya boithaopo ka yona, empa bakeng sa nyehelo ya kano e ke ke ya amoheleha.
24. Le se ke la nyehella Morena ka phoofolo eo makwalata a yona a tetetsehileng, kapa a pshatlehileng, kapa a thuehileng, kapa a sehilweng. Le se ke la etsa jwalo naheng ya lona.
25. “ <Le se ke la nyehella Morena ka tse tswang ho baditjhaba, hore e be dijo tsa hae, hobane di silafetse, di na le sepha, mme di ke ke tsa amoheleha.> ”
26. Morena a bua ho Moshe, a re:
27. “Ha namane, kapa konyana, kapa potsanyane e tswalwa, e lokela ho nyanya mma yona ka matsatsi a supileng. Ho tloha ka letsatsi la borobedi le a hlahlamang, e ka amoheleha ho etsetsa Morena nyehelo ya setjheso.
28. Kgomo le namane ya yona, kapa nku le konyana ya yona, di se ke tsa hlajwa ka tsatsi le le leng.