Meetlo 22:16-31 BIBELE (SSO89SO)

16. ba se ke ba itjarisa molato wa bokgopo ka ho ja dintho tse halalelang, hobane ke nna Morena ya ba halaletsang.> ”

17. Morena a bua ho Moshe, a re:

18. “Bua ho Arone le ho bara ba hae, le ho bana bohle ba Iseraele, o re ho bona: <Monna ofe kapa ofe wa ntlo ya Iseraele, kapa ya jakileng naheng ya Iseraele, ya tlisang nyehelo ya hae, e ka ba nyehelo ya kano, kapa nyehelo ya boithaopo, e nyehellwang Morena hore e be ya setjheso,

19. hore a tle a amohelehe, eka kgona e be phoofolo e tona, e se nang sepha; e ka ba kgomo, kapa nku, kapa podi.

20. Le se ke la nyehela ka phoofolo e nang le sepha, hobane e ke ke ya amoheleha.

21. Ha monna a etsetsa Morena nyehelo ya sehlabelo sa teboho, e le ya kano e kgethehileng, kapa e le nyehelo ya boithaopo, e be kgomo kapa nku e se nang sepha, hore e tle e amohelehe.

22. Tse foufetseng, kapa tse robehileng, kapa tse holofetseng, kapa tse nang le dibebe, kapa dihlahala, kapa lekgwekgwe, tsena le se ke la nyehella Morena ka tsona; le se ke la etsa nyehelo ya setjheso ka tsona hodima aletare ya Morena.

23. Haeba pohwana kapa nku e ena le maoto a fetanang, o ka etsa nyehelo ya boithaopo ka yona, empa bakeng sa nyehelo ya kano e ke ke ya amoheleha.

24. Le se ke la nyehella Morena ka phoofolo eo makwalata a yona a tetetsehileng, kapa a pshatlehileng, kapa a thuehileng, kapa a sehilweng. Le se ke la etsa jwalo naheng ya lona.

25. “ <Le se ke la nyehella Morena ka tse tswang ho baditjhaba, hore e be dijo tsa hae, hobane di silafetse, di na le sepha, mme di ke ke tsa amoheleha.> ”

26. Morena a bua ho Moshe, a re:

27. “Ha namane, kapa konyana, kapa potsanyane e tswalwa, e lokela ho nyanya mma yona ka matsatsi a supileng. Ho tloha ka letsatsi la borobedi le a hlahlamang, e ka amoheleha ho etsetsa Morena nyehelo ya setjheso.

28. Kgomo le namane ya yona, kapa nku le konyana ya yona, di se ke tsa hlajwa ka tsatsi le le leng.

29. “Ha o etsetsa Morena sehlabelo sa teboho, o tla se etsa hore se tle se amohelehe.

30. Se jewe ka lona letsatsi leo, o se ke wa siya letho le ka fihlelwang ke letsatsi la hosasane. Ke nna Morena.

31. “Le boloke melao ya ka, le e phethe. Ke nna Morena.

Meetlo 22