Meetlo 21:15-24 BIBELE (SSO89SO)

15. A se ke a silafatsa bana ba hae setjhabeng sa habo, hobane ke nna Morena ya mo halaletsang.> ”

16. Morena a bua ho Moshe, a re:

17. “Bua ho Arone, o re: <Hara ditloholo tsa hao, melokong yohle ya tsona, ho se be monna ya nang le sepha, ya tla etsa nyehelo ya dijo tsa Modimo wa hae.

18. Monna ofe kapa ofe ya nang le sepha, e ka ba monna wa sefofu, kapa wa sehlotsa, kapa ya holofetseng nko, kapa ya ditho di fetanang;

19. kapa monna ya robehileng leoto kapa letsoho;

20. kapa monna ya lekgutla, kapa wa kakatjhelana, kapa ya qhommeng leihlo, kapa ya nang le setlapedi, kapa ya lekgwekgwe, kapa ya pshatlehileng makwalata; bana bohle ba se ke ba atamela.

21. Monna e mong le e mong wa leloko la moprista Arone, ya nang le sepha, a se ke a atamela ho etsa nyehelo ya setjheso ya Morena. O na le sepha, mme a se ke atamela ho nyehela ka dijo tsa Modimo wa hae.

22. A ka ja bohobe ba Modimo wa hae bo halalelang ka ho fetisisa, le bo halalelang.

23. Empa a se ke a atamela lesira, leha e le ho atamela aletare, hobane o na le sepha, esere a silafatsa dintho tsa ka tse halalelang, hobane ke nna Morena ya di halaletsang.> ”

24. Moshe a bua jwalo ho Arona le ho bara ba hae, le ho bana bohle ba Iseraele.

Meetlo 21