Meetlo 21:12-20 BIBELE (SSO89SO)

12. A se ke a tswa ka Sehalalelong, esere a silafatsa Sehalalelo sa Modimo wa hae, hobane o halaleditswe ke Modimo ka ho tshelwa ka ole e tlotsang. Ke nna Morena.

13. “ <A nyale morwetsana.

14. A se ke a nyala mohlolohadi, kapa mosadi ya hladilweng, kapa seraburabu, kapa seotswa, empa a nyale morwetsana wa setjhaba sa habo.

15. A se ke a silafatsa bana ba hae setjhabeng sa habo, hobane ke nna Morena ya mo halaletsang.> ”

16. Morena a bua ho Moshe, a re:

17. “Bua ho Arone, o re: <Hara ditloholo tsa hao, melokong yohle ya tsona, ho se be monna ya nang le sepha, ya tla etsa nyehelo ya dijo tsa Modimo wa hae.

18. Monna ofe kapa ofe ya nang le sepha, e ka ba monna wa sefofu, kapa wa sehlotsa, kapa ya holofetseng nko, kapa ya ditho di fetanang;

19. kapa monna ya robehileng leoto kapa letsoho;

20. kapa monna ya lekgutla, kapa wa kakatjhelana, kapa ya qhommeng leihlo, kapa ya nang le setlapedi, kapa ya lekgwekgwe, kapa ya pshatlehileng makwalata; bana bohle ba se ke ba atamela.

Meetlo 21