1. Morena a re ho Moshe: “Bua le baprista, e leng bara ba Arone, o re ho bona: <Moprista a se ke a itshilafatsa ka mofu wa setjhaba sa habo,
2. haese feela ka mofu eo a tswalanang le yena, e leng mmae, le ntatae, le mora wa hae, le moradi wa hae, le ngwanabo;
3. le kgaitsedi ya hae e tswalwang le yena, eo e sa leng morwetsana, e esong ho nyalwe. Bana a ka itshilafatsa ka bona.
4. Empa moprista a se ke a itshilafatsa ka kgaitsedi ya hae e nyetsweng, hobane ka hona o tla be a itshilafatsa.
5. “ <Baprista ba se ke ba beola moriri o hara hlooho tsa bona, ba se ke ba sekola ditedu tsa bona, leha e le ho iphatsa mmeleng.
6. Ba tla halalela ho Modimo wa bona, mme ba se ke ba silafatsa lebitso la Modimo wa bona. Kahobane ke bona ba etsang nyehelo ya setjheso ya Morena, e leng dijo tsa Modimo, tseo ba nyehelang ka tsona, ba lokela ho halalela.
7. “ <Moprista a se ke a nyala mosadi wa seotswa kapa ya silafetseng; le mosadi ya hlalaneng le monna wa hae a se ke a mo nyala, hobane moprista o a halalela ho Modimo wa hae.
8. O mo tsebe a halalela, hobane ke yena ya nyehellang Modimo wa hao ka dijo. O tla halalela ho wena, hobane nna, Morena ya o halaletsang, ke a halalela.