6. “ <Motho ya batlang thuso ya mathuela, kapa ya dinohe, ya mathang kamora tsona, ke tla mo halefela, mme ke mo kgaole setjhabeng sa habo.
7. “ <Le ikgalaletse, mme le tla halalela, hobane ke nna Morena Modimo wa lona.
8. Le boloke melao ya ka, mme le e phethe. Ke nna Morena ya le halaletsang.
9. “ <Motho ofe kapa ofe ya rohakang ntatae kapa mmae, ruri o tla bolawa. Kaha o rohakile ntatae kapa mmae, o tla bolawa ka baka la molato wa hae.
10. “ <Haeba monna ofe kapa ofe a feba le mosadi wa monna e mong, bobedi ba batho bao ba febang ba tla bolawa.
11. “ <Haeba monna a tlontlolla ntatae ka ho kena dikobong tsa mosadi wa ntatae, monna eo le mosadi eo wa ntatae, ruri bobedi ba bona ba tla bolawa, mme ba tla be ba bolawa ka baka la molato wa bona.
12. “ <Haeba monna a kena dikobong tsa ngwetsi ya hae, bobedi ba bona ba tla bolawa. Ba entse ketso e manyala, mme ba tla bolawa ka baka la molato wa bona.
13. “ <Haeba monna a eja monna e mong maotwana, bobedi ba bona ba tla bolaelwa ketso eno ya bona e manyala, ba bolawe ka baka la molato wa bona.
14. “ <Haeba monna a kena dikobong tsa ngwana le tsa mmae, hoo ke ketso e manyala. Monna le basadi bao ba babedi ba tjheswe ka mollo, hore manyala a jwalo a se ke a hlola e eba teng hara lona.
15. “ <Haeba monna a robala phoofolo o tla bolawa, le phoofolo eo e tla bolawa.