Meetlo 20:3-7 BIBELE (SSO89SO)

3. Le nna ke tla halefela motho eo, mme ke mo kgaole setjhabeng sa habo, hobane a neile Moloke bana ba hae, hore a silafatse Sehalalelo sa ka, le ho nyedisa lebitso la ka le halalelang.

4. Haeba setjhaba sa naha eo se lala ketso ya monna eo ka mmele, ya ho nea Moloke bana ba hae, se sa mmolaye,

5. nna ke tla halefela monna eo le ba leloko la hae. Ke tla mo kgaola setjhabeng sa habo, mmoho le bohle ba mo etsisang, ba sebeletsang Moloke.

6. “ <Motho ya batlang thuso ya mathuela, kapa ya dinohe, ya mathang kamora tsona, ke tla mo halefela, mme ke mo kgaole setjhabeng sa habo.

7. “ <Le ikgalaletse, mme le tla halalela, hobane ke nna Morena Modimo wa lona.

Meetlo 20