Meetlo 20:16-27 BIBELE (SSO89SO)

16. “ <Haeba mosadi a ipeketlela phoofolo hore e mo robale, mosadi eo o tla bolawa, le phoofolo eo e tla bolawa. Ruri mosadi eo le phoofolo eo ba bolawe. Ba tla bolawa ka baka la molato wa bona.

17. “ <Haeba monna a kena dikobong tsa kgaitsedi ya hae, e leng moradi wa ntatae, kapa moradi wa mmae, mme bobedi ba bona ba bonelana, hoo ke ketso e manyala. Bobedi ba bona ba tla kgaolwa setjhabeng sa habo bona, moo setjhaba se ntseng se bona. Monna eo o tla ahlolelwa ho kena dikobong tsa kgaitsedi ya hae, mme o tla jara bokgopo ba hae.

18. “ <Haeba monna a kena dikobong tsa mosadi ya ileng dinakong tsa hae, mme a mmonela, bobedi ba bona ba tla kgaolwa setjhabeng sa habo bona, hobane monna eo o pepesitse lehatlelo la mosadi, le mosadi eo o pepesitse mohlodi wa lehatlelo la hae.

19. “ <O se ke wa kena dikobong tsa ngwanabo mmao, kapa tsa rakgadia hao, hobane ho etsa jwalo ke ho kopanya madi a le mang. Ya etsang jwalo o tla jara bokgopo ba hae.

20. “ <Haeba monna a kena dikobong tsa mmangwanae, o tlontlolotse rangwanae, mme yena le mmangwanae ba tla ahlolelwa molato wa bona, mme ba tla shwa ba se na bana.

21. “ <Haeba monna a nyala mohatsa ngwanabo, hoo ke manyala. O tlontlolotse ngwanabo, ba tla shwa ba se na bana.

22. “ <Le tla boloka melao yohle ya ka, le ditaelo tsohle tsa ka, mme le di phethe, hore naha eo ke le isang ho yona, hore le yo aha ho yona, e se ke ya le hlatsa.

23. Le se ke la latela melao ya ditjhaba tseo ke tla di leleka kapele ho lona, hobane di entse dintho tsena tsohle; kahoo ke ile ka di nyonya.

24. Ke itse ho lona: Naha ya sona e tla ba lefa la lona; ke tla le nea yona e be leruo la lona. Ke naha e phallang lebese le mahe a dinotshi. Ke nna Morena Modimo wa lona, ya le kgaohantseng le baditjhaba bao.

25. “ <Ka baka leo, le tla kgetholla phoofolo e hlwekileng ho e sa hlwekang, le nonyana e hlwekileng ho e sa hlwekang; le se ke la itshilafatsa ka phoofolo, kapa ka nonyana, kapa ka ntho efe kapa efe e hahabang hodima lefatshe, eo ke le kgetholletseng yona hore ha e a hlweka.

26. “ <Le tla halalela le be batho ba ka, hobane nna, Morena, ke a halalela. Ke le kgaohantse le baditjhaba, hore le tle le be ba ka.

27. “ <Monna kapa mosadi ya nang le moya wa bothuela, kapa wa bonohe, ruri o tla bolawa. O tla tlepetswa ka majwe, a bolaelwe molato wa hae.> ”

Meetlo 20