Meetlo 2:4-11 BIBELE (SSO89SO)

4. “ <Ha o tlisa nyehelo ya bohobe bo phehilweng ka onto, e be ba dikuku tse sa lomoswang, tse entsweng ka phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole; kapa e be moqathane o tlotsitsweng ka ole ya mohlwaare.

5. “ <Haeba nyehelo ya hao e le ya bohobe bo besitsweng rosetereng, bo etswe ka phofo ya koro e thumisehileng, e dubilweng ka ole ya mohlwaare, bo se ke ba lomoswa.

6. O bo rathele, ebe o tshela ole hodima bona; ke nyehelo ya phofo.

7. “ <Haeba nyehelo ya hao e le ya bohobe bo phehilweng ka pitsa, bo etswe ka phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole.

8. Jwale o tlisetse Morena nyehelo ya phofu ya koro, e entsweng ka dintho tsena. O di nee moprista, yena a di ise aletareng.

9. “ <Moprista a nke bo bong ba bohobe, e le kgopotso, ebe o bo tjhesetsa hodima aletare; e be setjheso se monko o monate, se amohelehang ho Morena.

10. Dijo tsa nyehelo tse setseng ke tsa Arone le bara ba hae; ke nyehelo ya setjheso, e halalelang ka ho fetisisa, e etsetswang Morena.

11. “ <Nyehelo efe le efe ya dijo, eo o e etsetsang Morena, e se ke ya lomoswa. O se ke wa tjhesa tomoso kapa mahe a dinotshi, e le setjheso se etsetswang Morena.

Meetlo 2