12. O ka tlisetsa Morena nyehelo ya dilopotsiya tsa tse kotutsweng, empa o se ke wa e tjhesetsa hodima aletare, e le setjheso se monko o monate.
13. Nyehelo e nngwe le e nngwe ya hao, ya dijo, o e noke ka letswai. Letswai, e leng selekane se pakeng tsa hao le Modimo wa hao, le se ke la eba siyo nyehelong ya hao ya dijo; dinyehelo tsohle tsa hao di nokwe.
14. “ <Ha o tlisetsa Morena nyehelo ya dilopotsiya tsa tse kotutsweng, o nyehele ka dilopotsiya tsa diqhome kapa tsa dijo.
15. O di tlotse ka ole ya mohlwaare, mme o tshele mokubetso hodima nyehelo eo.
16. Bakeng sa kgopotso, moprista o tla tjhesa e nngwe ya dijo tseo, le ole, le mokubetso kaofela, e le nyehelo ya setjheso se etsetswang Morena.