Meetlo 19:9-20 BIBELE (SSO89SO)

9. “ <Ha le kotula masimo a lona, le se ke la kotudisisa ho ya fihla meeding, mme le se ke la kgwahlapisa moo le seng le kotutse teng.

10. O se ke wa kgwahlapisa tshimo ya hao ya morara, mme o se ke wa thonaka morara o wetseng fatshe; o o siele mofutsana le moeti. Ke nna Morena Modimo wa hao.

11. “ <Le se ke la utswa, le se ke la etsetsana bolotsana, kapa la bolellana mashano.

12. “ <Le se ke la hlapanyetsa leshano ka lebitso la ka, mme ka mokgwa oo la silafatsa lebitso la Modimo wa lona. Ke nna Morena.

13. “ <O se ke wa hatella mohaeno, kapa wa mo hanyapetsa.“ <O se ke wa dula ka moputso wa letsatsi wa mosebeletsi wa hao, ho fihlela letsatsi le hlahlamang.

14. “ <O se ke wa rohaka tsebetutu; o se ke wa bea sekgopi tseleng ya sefofu; empa o tshabe Modimo wa hao. Ke nna Morena.

15. “ <O se ke wa ahlola ka leeme. Ha o ahlola o se ke wa sekamela ka ho mofutsana, kapa wa tlotla ya phahameng; o ahlole mohaeno ka toka.

16. “ <O se ke wa tsamaisa leshano hara setjhaba sa heno; o se ke wa tshabella mohaeno ha a bolawa. Ke nna Morena.

17. “ <O se ke wa jara ngwaneno ka pelo. O kgalemele mohaeno, esere wa itjarisa sebe ka baka la hae.

18. “ <O se ke wa iphetetsa, kapa wa ntshetsa disuwa baneng ba setjhaba sa heno, empa o rate wa heno jwalokaha o ithata. Ke nna Morena.

19. “ <Le boloke melao ya ka.“ <O se ke wa hwedisa diphoofolo tsa hao ka tsa mofuta osele.“ <O se ke wa jala mefuta e mmedi ya peo tshimong ya hao, mme o se ke wa apara seaparo se mefuta e mmedi ya masela.

20. “ <Ha monna a kena dikobong tsa ngwanana wa lekgoba ya seng a neilwe monna e mong, feela ngwanana eo a eso lefellwe tjhelete ya topollo, mme a eso lokolohe, ba tla ahlolwa, empa ba ke ke ba bolawa, hobane ngwanana eo ha a eso lokolohe.

Meetlo 19