8. Mang kapa mang ya se jang, o tla jara bokgopo ba hae, hobane o tla be a silafaditse ntho e halalelang ya Morena. Motho eo o tla kgaolwa setjhabeng sa habo.
9. “ <Ha le kotula masimo a lona, le se ke la kotudisisa ho ya fihla meeding, mme le se ke la kgwahlapisa moo le seng le kotutse teng.
10. O se ke wa kgwahlapisa tshimo ya hao ya morara, mme o se ke wa thonaka morara o wetseng fatshe; o o siele mofutsana le moeti. Ke nna Morena Modimo wa hao.
11. “ <Le se ke la utswa, le se ke la etsetsana bolotsana, kapa la bolellana mashano.
12. “ <Le se ke la hlapanyetsa leshano ka lebitso la ka, mme ka mokgwa oo la silafatsa lebitso la Modimo wa lona. Ke nna Morena.
13. “ <O se ke wa hatella mohaeno, kapa wa mo hanyapetsa.“ <O se ke wa dula ka moputso wa letsatsi wa mosebeletsi wa hao, ho fihlela letsatsi le hlahlamang.
14. “ <O se ke wa rohaka tsebetutu; o se ke wa bea sekgopi tseleng ya sefofu; empa o tshabe Modimo wa hao. Ke nna Morena.
15. “ <O se ke wa ahlola ka leeme. Ha o ahlola o se ke wa sekamela ka ho mofutsana, kapa wa tlotla ya phahameng; o ahlole mohaeno ka toka.
16. “ <O se ke wa tsamaisa leshano hara setjhaba sa heno; o se ke wa tshabella mohaeno ha a bolawa. Ke nna Morena.
17. “ <O se ke wa jara ngwaneno ka pelo. O kgalemele mohaeno, esere wa itjarisa sebe ka baka la hae.