Meetlo 19:30-34 BIBELE (SSO89SO)

30. “ <Le boloke Disabatha tsa ka, le hlomphe Sehalalelo sa ka. Ke nna Morena.

31. “ <Le se ke la batla thuso ho mathuela kapa dinohe; le se ke la ya ho bona, esere ba le silafatsa. Ke nna Morena Modimo wa lona.

32. “ <O eme ka maoto ha o bona raputswe, o hlomphe leqheku, mme o tshabe Modimo wa hao. Ke nna Morena.

33. “ <Ha moditjhaba a jakile naheng ya habo lona, le se ke la mo sotla.

34. Empa moditjhaba ya jakileng hara lona, a be jwaloka letswallwa la naha; le mo rate jwalokaha le ithata, hobane le lona le ne le le baditjhaba naheng ya Egepeta. Ke nna Morena Modimo wa lona.

Meetlo 19