27. “ <Le se ke la kgatla tlopo, kapa la sekola ditedu tsa lona.
28. “ <Le se ke la iphatsa ha le llela mofu, le se ke la etsa mokgora. Ke nna Morena.
29. “ <O se ke wa silafatsa moradi wa hao ka ho mo etsa seotswa, esere naha ya tlala bootswa le bokgopo bo bongata.
30. “ <Le boloke Disabatha tsa ka, le hlomphe Sehalalelo sa ka. Ke nna Morena.
31. “ <Le se ke la batla thuso ho mathuela kapa dinohe; le se ke la ya ho bona, esere ba le silafatsa. Ke nna Morena Modimo wa lona.
32. “ <O eme ka maoto ha o bona raputswe, o hlomphe leqheku, mme o tshabe Modimo wa hao. Ke nna Morena.
33. “ <Ha moditjhaba a jakile naheng ya habo lona, le se ke la mo sotla.
34. Empa moditjhaba ya jakileng hara lona, a be jwaloka letswallwa la naha; le mo rate jwalokaha le ithata, hobane le lona le ne le le baditjhaba naheng ya Egepeta. Ke nna Morena Modimo wa lona.
35. “ <O se ke wa etsa bolotsana ha o metha bolelele ba dintho, kapa boima ba tsona, kapa ha o metha ntho e mokedikedi.
36. O be le sekala se nepahetseng sa ho metha boima, le bolelele, le ntho e mokedikedi. Ke nna Morena Modimo wa lona, ya le ntshitseng naheng ya Egepeta.
37. “ <Le boloke melao ya ka yohle, le ditaelo tsa ka tsohle, mme le di phethe. Ke nna Morena.> ”