21. Monna eo o tla tlisetsa Morena pheleu ya nyehelo bakeng sa molato wa hae, a e tlise monyakong wa Tente ya Morena.
22. Kapele ho Morena, ka pheleu ena, moprista o tla mo etsetsa nyehelo ya tefelo e tlosang sebe, ka baka la sebe seo a se entseng, mme o tla tshwarelwa.
23. “ <Ha le fihla naheng ya Kanana, mme le lema sefate sefe kapa sefe se jewang, le tla ila ditholwana tsa sona. Ka dilemo tse tharo le tla di ila, le se ke la di ja.
24. Ka selemo sa bone ditholwana tsohle tsa sona di tla abelwa Morena, e le mpho e halalelang ya teboho.
25. Empa ka selemo sa bohlano le ka ja ditholwana tsa sefate seo, hore se tle se le behele ditholwana tse ngata. Ke nna Morena Modimo wa lona.
26. “ <Le se ke la ja letho le nang le madi. Le se ke la sebedisa ditaola kapa bonohe.
27. “ <Le se ke la kgatla tlopo, kapa la sekola ditedu tsa lona.
28. “ <Le se ke la iphatsa ha le llela mofu, le se ke la etsa mokgora. Ke nna Morena.
29. “ <O se ke wa silafatsa moradi wa hao ka ho mo etsa seotswa, esere naha ya tlala bootswa le bokgopo bo bongata.
30. “ <Le boloke Disabatha tsa ka, le hlomphe Sehalalelo sa ka. Ke nna Morena.
31. “ <Le se ke la batla thuso ho mathuela kapa dinohe; le se ke la ya ho bona, esere ba le silafatsa. Ke nna Morena Modimo wa lona.
32. “ <O eme ka maoto ha o bona raputswe, o hlomphe leqheku, mme o tshabe Modimo wa hao. Ke nna Morena.