Meetlo 19:11-18 BIBELE (SSO89SO)

11. “ <Le se ke la utswa, le se ke la etsetsana bolotsana, kapa la bolellana mashano.

12. “ <Le se ke la hlapanyetsa leshano ka lebitso la ka, mme ka mokgwa oo la silafatsa lebitso la Modimo wa lona. Ke nna Morena.

13. “ <O se ke wa hatella mohaeno, kapa wa mo hanyapetsa.“ <O se ke wa dula ka moputso wa letsatsi wa mosebeletsi wa hao, ho fihlela letsatsi le hlahlamang.

14. “ <O se ke wa rohaka tsebetutu; o se ke wa bea sekgopi tseleng ya sefofu; empa o tshabe Modimo wa hao. Ke nna Morena.

15. “ <O se ke wa ahlola ka leeme. Ha o ahlola o se ke wa sekamela ka ho mofutsana, kapa wa tlotla ya phahameng; o ahlole mohaeno ka toka.

16. “ <O se ke wa tsamaisa leshano hara setjhaba sa heno; o se ke wa tshabella mohaeno ha a bolawa. Ke nna Morena.

17. “ <O se ke wa jara ngwaneno ka pelo. O kgalemele mohaeno, esere wa itjarisa sebe ka baka la hae.

18. “ <O se ke wa iphetetsa, kapa wa ntshetsa disuwa baneng ba setjhaba sa heno, empa o rate wa heno jwalokaha o ithata. Ke nna Morena.

Meetlo 19