6. “Arone o tla tlisa pohwana ya nyehelo e tlosang sebe, eo e leng ya hae, a iketsetse tefelo ya sebe le ba lelapa la hae.
7. O tla nka dipodi tseo tse pedi, a di emise kapele ho Morena, monyakong wa Tente ya Morena.
8. Arone o tla laola diphooko tseo tse pedi ka lotho, mme lotho lona le tla ntsha e nngwe e le ya Morena, e nngwe e le ya Asasele.
9. Arone o tla tlisa phooko eo lotho le e ntshitseng e le ya Morena, mme ka yona a etse nyehelo e tlosang sebe.
10. Empa podi eo lotho le e ntshitseng e le ya Asasele, e tla emiswa kapele ho Morena e ntse e phela, hore a tle a etsetse tefelo ya sebe hodima yona, e nto lelekelwa lehwatateng ho Asasele.
11. “Arone o tla tlisa pohwana ya nyehelo e tlosang sebe, eo e leng ya hae, mme ka yona a iketsetse tefelo ya sebe le ba lelapa la hae. O tla hlaba pohwana eo ya hae e le nyehelo e tlosang sebe.
12. O tla nka sekubetsa se tletseng mashala a hlenneng, se hodima aletare e kapele ho Morena. A ngwathe mokubetso o silehileng, o monko o monate, a o tlatse matsoho a hae, a o ise kamora lesira.
13. Mokubetso ona a o tshele hodima mollo, kapele ho Morena, e le hore mosi wa mokubetso o tle o kwahele sekwahelo sa tefelo ya sebe, se hodima areka e kentseng matlapa a ngotsweng Molao, e le hore Arone a se ke a shwa.
14. O tla nka madi a pohwana, a foke hodima sekwahelo sa tefelo ya sebe ka monwana wa hae, ka nqeng ya botjhabela; hape a foke hasupa kapele ho sona.
15. “Jwale a hlabe podi ya nyehelo e tlosang sebe, eo e leng ya setjhaba, a tlise madi a yona kamora lesira. Ka madi a yona a etse jwalokaha a ile a etsa ka madi a pohwana, a foke hodima sekwahelo sa tefelo ya sebe, le kapele ho sona.
16. O tla hlwekisa Sehalalelo ka baka la ho se hlweke ha bana ba Iseraele, le ka baka la ditlolo tsa bona le dibe tsa bona tsohle. Le Tente ya Morena, e hlomilweng hara bona ba sa hlweka, a e hlwekise.
17. Ho se be motho ka Tenteng ya Morena, ho tloha ha moprista a kena ka ho yona ho ya etsa tefelo ya sebe, ho fihlela a etswa. O tla iketsetsa tefelo ya sebe, a e etsetse le ba lelapa la hae, le setjhaba sohle sa Iseraele.
18. “Jwale o tla tswa, a ye aletareng e kapele ho Morena, mme a e hlwekise. A nke madi a mang a pohwana, le madi a mang a podi, mme ka wona a tlotse manaka a aletare ho e potapota.