Meetlo 16:29-34 BIBELE (SSO89SO)

29. “Ona ke molao wa mehla yohle ho lona: Ka letsatsi la leshome la kgwedi ya bosupa, le tla itima dijo, le se ke la etsa mosebetsi ofe kapa ofe, e ka ba motho wa letswallwa, kapa moditjhaba ya jakileng hara lona.

30. Ka letsatsi lena, moprista o tla le etsetsa tefelo ya sebe, hore le hlweke, le hlwekiswe dibeng tsohle tsa lona kapele ho Morena.

31. Ho lona ke letsatsi le leholo la phomolo, mme le tla itima dijo. Ona ke molao wa mehla yohle.

32. Moprista ya tlotsitsweng, ya halaleditsweng hore e be moprista sebakeng sa ntatae, o tla etsa tefelo ya sebe. O tla apara diaparo tse halalelang, tse entsweng ka lesela la lene.

33. O tla hlwekisa Sehalalelo, Tente ya Morena, le aletare ya tefelo ya sebe; a etsetse baprista, le batho bohle ba phutheho, tefelo ya sebe.

34. Ona e tla ba molao wa mehla yohle ho lona, hore hang ka selemo le etsetse bana ba Iseraele tefelo ya sebe, ka baka la dibe tsohle tsa bona.”Yaba Moshe o etsa jwalokaha Morena a ne a mo laetse.

Meetlo 16