Meetlo 16:17-28 BIBELE (SSO89SO)

17. Ho se be motho ka Tenteng ya Morena, ho tloha ha moprista a kena ka ho yona ho ya etsa tefelo ya sebe, ho fihlela a etswa. O tla iketsetsa tefelo ya sebe, a e etsetse le ba lelapa la hae, le setjhaba sohle sa Iseraele.

18. “Jwale o tla tswa, a ye aletareng e kapele ho Morena, mme a e hlwekise. A nke madi a mang a pohwana, le madi a mang a podi, mme ka wona a tlotse manaka a aletare ho e potapota.

19. Ka madi a mang o tla foka hodima aletare hasupa, a e hlwekise, a e halaletse, hore a tlose ho se hlweke ha bana ba Iseraele ho ho yona.

20. “Ha Arone a qetile ho hlwekisa Sehalalelo, Tente ya Morena, le aletare, o tla tlisa podi e ntseng e phela.

21. Arone o tla bea matsoho a hae a mabedi hodima hlooho ya podi ena e ntseng e phela, mme a bolele makgopo wohle a bana ba Iseraele, le ditlolo tsohle tsa bona, le dibe tsohle tsa bona; a di bee hodima hlooho ya podi ena, ebe e iswa lehwatateng ke motho ya kgethetsweng hoo.

22. Podi ena e tla jara makgopo a bona wohle. Motho eo a e ise naheng e se nang baahi, mme a e tlohelle lehwatateng moo.

23. “Arone o tla kena ka Tenteng ya Morena, a hlobole diaparo tsa lesela la lene, tseo a ileng a di apara ha a kena ka Sehalalelong, ebe o di siya moo.

24. O tla tola ka metsi a le ka Sehalalelong, a apare diaparo tsa hae, a ntano tswa, a etse nyehelo ya hae ya setjheso, le nyehelo ya setjhaba ya setjheso; a be a iketsetse tefelo ya sebe, a e etsetse le setjhaba.

25. Mafura a nyehelo e tlosang sebe a a tjhesetse hodima aletare.

26. “Motho ya ileng a isa podi ho Asasele o tla hlatswa diaparo tsa hae, a tole ka metsi, mme kamorao ho moo a kene ka diahelong.

27. Pohwana ya nyehelo e tlosang sebe, le podi ya nyehelo e tlosang sebe, tseo madi a tsona a ileng a tliswa ho tla etsa tefelo ya sebe ka Sehalalelong, di tla iswa kantle ho diahelo. Matlalo a tsona, le nama ya tsona, le moswang wa tsona, di tjheswe ka mollo.

28. Ya di tjhesang o tla hlatswa diaparo tsa hae, a tole ka metsi, mme kamora moo a kene ka diahelong.

Meetlo 16