1. Kamora lefu la bara ba babedi ba Arone, ba neng ba shwe ha ba ne ba etsetsa Morena nyehelo,
2. Morena a bua ho Moshe, a re: “Bolella moholwana wa hao Arone hore a se no kena ka Sehalalelong ka dinako tsohle, kamora lesira le siretseng sekwahelo sa tefelo ya sebe se hodima areka ya selekane e le hore a se ke a shwa, hobane ke tla iponahatsa hodima sekwahelo sa tefelo ya sebe, ke le lerung.
3. “Arone o tla kena ka Sehalalelong ka mokgwa ona: a tlise pohwana ya nyehelo e tlosang sebe, le pheleu ya nyehelo ya setjheso.
4. O tla apara seaparo se halalelang se fihlang maotong, se entsweng ka lesela la lene, a tene le borikgwe ba lesela la lene, a itlame ka leqhama la lesela la lene, a rwale, le tuku ya lene. Diaparo tsena di a halalela, mme eka kgona a tole ka metsi, a nto di apara.