30. Moprista o tla nyehela ka le leng, e le nyehelo e tlosang sebe, le leng e le la nyehelo ya setjheso. Ka mokgwa ona moprista o tla mo etsetsa nyehelo ya tefelo ya sebe ho Morena, ka baka la lehatlelo le ileng la mmakela sesila.
31. “ <Hlokomedisa bana ba Iseraele sesila sa bona, esere ka ho silafatsa Tente ya ka, e teng hara bona, sesila sena sa bona sa ba bolaya.> ”
32. Ona ke molao o etseditsweng monna ya qhitsang lero botoneng ba hae, kapa ya hoshotsang metsi a bonna, mme eba o ba sesila.