Meetlo 15:21-31 BIBELE (SSO89SO)

21. Mang kapa mang ya amang diphate tsa hae o tla hlatswa diaparo tsa hae, a tole ka metsi, mme a sale a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana.

22. Mang kapa mang ya amang setulo seo a neng a dutse hodima sona, o tla hlatswa diaparo tsa hae, a tole ka metsi, mme a sale a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana.

23. Haeba a le hodima diphate kapa hodima setulo ha tsena di angwa, mang kapa mang ya tla ama ntho e neng e le hodima diphate, kapa hodima setulo seo mosadi eo a neng a se dutse, o tla ba sesila ho fihlela ka phirimana.

24. “ <Ha monna a ka robala le yena, o tla nka sesila sa mosadi eo, mme o tla ba sesila ka matsatsi a supileng. Diphate tseo a ka robalang ho tsona, le tsona di tla ba sesila.

25. “ <Ha mosadi a eba le lehatlelo, empa e se ka nako ya lona, kapa haeba lehatlelo le nka nako e telele ho feta ya mehla, nakong eo le ntseng le tswela pele o tla ba sesila, jwalokaha a le sesila ka nako ya lehatlelo la hae.

26. Diphate dife kapa dife tseo a robalang ho tsona nakong ena ya lehatlelo di tla ba sesila, jwalokaha di ne di tla ba sesila nakong ya lehatlelo la hae. Setulo sefe kapa sefe seo a dulang ho sona se tla ba sesila jwaloka mohla nako ya lehatlelo la hae.

27. Mang kapa mang ya di amang o tla ba sesila. O tla hlatswa diaparo tsa hae, a tole ka metsi, mme a sale a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana.

28. “ <Ha lehatlelo lena le kgaoditse, o tla qeta matsatsi a supileng, mme kamorao ho moo o tla be a hlwekile.

29. Ka letsatsi la borobedi o tla nka maebanakgorwana a mabedi, kapa madinyane a mabedi a maeba, a a tlise ho moprista, monyakong wa Tente ya Morena.

30. Moprista o tla nyehela ka le leng, e le nyehelo e tlosang sebe, le leng e le la nyehelo ya setjheso. Ka mokgwa ona moprista o tla mo etsetsa nyehelo ya tefelo ya sebe ho Morena, ka baka la lehatlelo le ileng la mmakela sesila.

31. “ <Hlokomedisa bana ba Iseraele sesila sa bona, esere ka ho silafatsa Tente ya ka, e teng hara bona, sesila sena sa bona sa ba bolaya.> ”

Meetlo 15