Meetlo 15:16-29 BIBELE (SSO89SO)

16. “ <Ha monna a hoshotsa metsi a bonna ba hae, o tla tola mmele wohle ka metsi, mme o tla sala a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana.

17. Lesela lefe kapa lefe, kapa letlalo lefe kapa lefe le nang le metsi ana a bonna hodima lona, le tla hlatsuwa ka metsi, mme le sale le ntse le ena le sesila ho fihlela ka phirimana.

18. “ <Ha monna a kena dikobong tsa mosadi, bobedi ba bona ba tla tola ka metsi, mme ba sale ba ntse ba le sesila ho fihlela ka phirimana.

19. “ <Ha mosadi a ena le lehatlelo, o tla ba sesila ka matsatsi a supileng. Mang kapa mang ya mo amang o tla ba sesila ho fihlela ka phirimana.

20. “ <Diphate tsohle tseo a robalang ho tsona, le eng kapa eng eo a dulang hodima yona ha a ntse a le sesila, di tla ba le sesila.

21. Mang kapa mang ya amang diphate tsa hae o tla hlatswa diaparo tsa hae, a tole ka metsi, mme a sale a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana.

22. Mang kapa mang ya amang setulo seo a neng a dutse hodima sona, o tla hlatswa diaparo tsa hae, a tole ka metsi, mme a sale a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana.

23. Haeba a le hodima diphate kapa hodima setulo ha tsena di angwa, mang kapa mang ya tla ama ntho e neng e le hodima diphate, kapa hodima setulo seo mosadi eo a neng a se dutse, o tla ba sesila ho fihlela ka phirimana.

24. “ <Ha monna a ka robala le yena, o tla nka sesila sa mosadi eo, mme o tla ba sesila ka matsatsi a supileng. Diphate tseo a ka robalang ho tsona, le tsona di tla ba sesila.

25. “ <Ha mosadi a eba le lehatlelo, empa e se ka nako ya lona, kapa haeba lehatlelo le nka nako e telele ho feta ya mehla, nakong eo le ntseng le tswela pele o tla ba sesila, jwalokaha a le sesila ka nako ya lehatlelo la hae.

26. Diphate dife kapa dife tseo a robalang ho tsona nakong ena ya lehatlelo di tla ba sesila, jwalokaha di ne di tla ba sesila nakong ya lehatlelo la hae. Setulo sefe kapa sefe seo a dulang ho sona se tla ba sesila jwaloka mohla nako ya lehatlelo la hae.

27. Mang kapa mang ya di amang o tla ba sesila. O tla hlatswa diaparo tsa hae, a tole ka metsi, mme a sale a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana.

28. “ <Ha lehatlelo lena le kgaoditse, o tla qeta matsatsi a supileng, mme kamorao ho moo o tla be a hlwekile.

29. Ka letsatsi la borobedi o tla nka maebanakgorwana a mabedi, kapa madinyane a mabedi a maeba, a a tlise ho moprista, monyakong wa Tente ya Morena.

Meetlo 15