Meetlo 15:14-23 BIBELE (SSO89SO)

14. Ka letsatsi la borobedi o tla nka maebanakgorwana a mabedi, kapa madinyane a mabedi a maeba; a tle kapele ho Morena, monyakong wa Tente ya Morena, mme a a nee moprista.

15. Moprista o tla nyehela ka wona, le leng e be la nyehelo e tlosang sebe, le leng e be la nyehelo ya setjheso. Ka mokgwa o jwalo, moprista o tla etsetsa monna eo nyehelo ya telefelo ya sebe ka baka la ho qhitsa lero hoo ha hae.

16. “ <Ha monna a hoshotsa metsi a bonna ba hae, o tla tola mmele wohle ka metsi, mme o tla sala a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana.

17. Lesela lefe kapa lefe, kapa letlalo lefe kapa lefe le nang le metsi ana a bonna hodima lona, le tla hlatsuwa ka metsi, mme le sale le ntse le ena le sesila ho fihlela ka phirimana.

18. “ <Ha monna a kena dikobong tsa mosadi, bobedi ba bona ba tla tola ka metsi, mme ba sale ba ntse ba le sesila ho fihlela ka phirimana.

19. “ <Ha mosadi a ena le lehatlelo, o tla ba sesila ka matsatsi a supileng. Mang kapa mang ya mo amang o tla ba sesila ho fihlela ka phirimana.

20. “ <Diphate tsohle tseo a robalang ho tsona, le eng kapa eng eo a dulang hodima yona ha a ntse a le sesila, di tla ba le sesila.

21. Mang kapa mang ya amang diphate tsa hae o tla hlatswa diaparo tsa hae, a tole ka metsi, mme a sale a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana.

22. Mang kapa mang ya amang setulo seo a neng a dutse hodima sona, o tla hlatswa diaparo tsa hae, a tole ka metsi, mme a sale a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana.

23. Haeba a le hodima diphate kapa hodima setulo ha tsena di angwa, mang kapa mang ya tla ama ntho e neng e le hodima diphate, kapa hodima setulo seo mosadi eo a neng a se dutse, o tla ba sesila ho fihlela ka phirimana.

Meetlo 15