Meetlo 15:1-14 BIBELE (SSO89SO)

1. Morena a bua ho Moshe le ho Arone, a re:

2. “Buang le bana ba Iseraele, le re ho bona: <Ha monna a ena le lero le qhitsang botoneng ba hae, lero leo le na le sesila.

3. Ha a ntse a ena le lero, sesila sa hae e tla ba sena: botona ba hae bo ka qhitsa lero, kapa bo ka thibana ke lero, o ntse a le sesila.

4. “ <Diphate tsohle tseo monna eo botona ba hae bo qhitsang lero a robalang ho tsona, di sesila; le eng kapa eng eo a dulang ho yona e sesila.

5. Mang kapa mang ya mang diphate tsa monna eo o tla hlatswa diaparo tsa hae, a tole ka metsi, mme a sale a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana.

6. Mang kapa mang ya dulang eng kapa eng e neng e dutswe ke monna eo botona ba hae bo qhitsang, o tla hlatswa diaparo tsa hae, a tole ka metsi, mme a sale a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana.

7. “ <Mang kapa mang ya amang mmele wa monna eo botona ba hae bo qhitsang, o tla hlatswa diaparo tsa hae, a tole ka metsi, mme a sale a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana.

8. “ <Haeba monna eo ya kulang a tshwela motho ya hlwekileng ka mathe, ya tshwetsweng o tla hlatswa diaparo tsa hae, a tole ka metsi, mme a sale a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana.

9. “ <Qhana efe kapa efe eo monna eo ya kulang a palamang ka yona, e sesila.

10. Mang kapa mang ya amang ntho e neng e le katlasa hae, o tla ba sesila ho fihlela ka phirimana. Mang kapa mang ya nkang ntho ya mofuta o jwalo o tla hlatswa diaparo tsa hae, a tole ka metsi, a sale a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana.

11. “ <Mang kapa mang eo monna ya kulang a mo amang ka matsoho a sa hatlelwang o tla hlatswa diaparo tsa hae, a tole ka metsi, mme a sale a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana.

12. “ <Dijana tsa letsopa, tse amilweng ke monna ya kulang di tla pshatlwa, mme ntho e nngwe le e nngwe e entsweng ka lehong e tla hlatsuwa ka metsi.

13. “ <Ha monna enwa eo botona ba hae bo neng bo qhitsa lero a fola, o tla qeta matsatsi a supileng pele a ka hlwekiswa. O tla hlatswa diaparo tsa hae, a tole ka metsi a sa tswa kguwa sedibeng, mme e tla ba o hlwekile.

14. Ka letsatsi la borobedi o tla nka maebanakgorwana a mabedi, kapa madinyane a mabedi a maeba; a tle kapele ho Morena, monyakong wa Tente ya Morena, mme a a nee moprista.

Meetlo 15