40. o tla laela hore majwe ao a nang le lefu leo a qhebollwe, a lahlelwe sebakeng se ditshila, se kantle ho motse.
41. Bokahare bohle ba ntlo bo tla thebolwa, mme mobu o thebotsweng o qhallwe sebakeng se ditshila, se kantle ho motse.
42. Jwale ho tla tliswa majwe a matjha, a hahellwe sebakeng sa majwe a kgale, mme ho dujwe seretse se setjha, ho dilwe mabota a ntlo.
43. “Haeba lefu le hlaha hape kamora hoba ho qhebollwe majwe, ho thebolwe mabota, ho be ho dilwe hape,
44. moprista o tla tla hape, mme a e hlahlobe. Haeba a fumana hore lefu le anetse ntlo, hona e tla ba ke lepera le tshwaetsang ka tlung eo, mme ntlo eo e sesila.
45. Ntlo eo e tla heletswa, majwe a yona, le dithupa tsa yona, le seretse sohle sa yona, di lahlelwe sebakeng se ditshila, kantle ho motse.
46. “Mang kapa mang ya kenang ka tlung eo ha e sa ntsane e kwetswe, o tla silafala ho fihlela ka phirimana.
47. Mang kapa mang ya robalang, kapa ya jellang ka tlung eo o tla hlatswa le diaparo tsa hae.
48. “Empa ha moprista a etla ho tla hlahloba ntlo, mme a fumana hore lefu ha le a anela ntlo, kamora hore e dilwe, moprista o tla phatlalatsa hore ntlo eo e hlwekile, kaha lefu leo le phekolehile.
49. “Hore a hlwekise ntlo, moprista o tla nka dinonyana tse pedi, le thupa ya kedare, le kgwele e kgubedu, le lehlaku la hisopa.
50. E nngwe ya dinonyana o tla e bolaela ka sejaneng sa letsopa, se nang le metsi a sa tswa kguwa sedibeng.
51. Jwale o tla nka thupa ya kedare, le lehlaku la hisopa, le kgwele e kgubedu, mmoho le nonyana e ntseng e phela, ebe tsohle o di ina ka mading a nonyana e bolailweng, le ka metsing a sa tswa kguwa sedibeng, mme a foke ntlo hasupa.
52. Kamora hoba a etse nyehelo e tlosang sebe ka madi a nonyana, le ka metsi a sa tswa kguwa sedibeng, le ka nonyana e ntseng e phela, le ka thupa ya kedare, le ka lehlaku la hisopa, le ka kgwele e kgubedu,
53. o tla tlohela nonyana e ntseng e phela hore e fofele naheng, kantle ho motse. Ha a se a etseditse ntlo ena nyehelo ya tefelo ya sebe, e tla ba e hlwekile.”