Meetlo 14:34-45 BIBELE (SSO89SO)

34. “Ha le fihla naheng ya Kanana, eo ke le neang yona hore e be ya lona, haeba nka otla ntlo, eo le tla aha ho yona, ka lepera,

35. mong a ntlo eo o tla tla ho tsebisa moprista, a re: <Ho bonahala eka lelapa la ka le na le mofuta o itseng wa lefu.>

36. Moprista o tla laela hore ho ntshwe tsohle tse ka tlung eo, pele a ka kena ka ho yona ho ya hlahloba lefu leo, esere tsohle tse ka tlung tsa ba le sesila. Kamora moo, moprista o tla tla ho hlahloba ntlo.

37. Ha moprista a e hlahloba, mme a fumana hore maboteng a ntlo ho na le matheba a matala kapa a mafubedu a lefu leo, a phobetseng ho feta lebota,

38. moprista o tla tswa ka tlung eo, mme a e kwale ka matsatsi a supileng.

39. Ka letsatsi la bosupa moprista o tla kgutlela teng ho ya hlahloba ntlo eo hape. Haeba a fumana hore lefu leo le anetse mabota a ntlo,

40. o tla laela hore majwe ao a nang le lefu leo a qhebollwe, a lahlelwe sebakeng se ditshila, se kantle ho motse.

41. Bokahare bohle ba ntlo bo tla thebolwa, mme mobu o thebotsweng o qhallwe sebakeng se ditshila, se kantle ho motse.

42. Jwale ho tla tliswa majwe a matjha, a hahellwe sebakeng sa majwe a kgale, mme ho dujwe seretse se setjha, ho dilwe mabota a ntlo.

43. “Haeba lefu le hlaha hape kamora hoba ho qhebollwe majwe, ho thebolwe mabota, ho be ho dilwe hape,

44. moprista o tla tla hape, mme a e hlahlobe. Haeba a fumana hore lefu le anetse ntlo, hona e tla ba ke lepera le tshwaetsang ka tlung eo, mme ntlo eo e sesila.

45. Ntlo eo e tla heletswa, majwe a yona, le dithupa tsa yona, le seretse sohle sa yona, di lahlelwe sebakeng se ditshila, kantle ho motse.

Meetlo 14