19. “Moprista o tla nyehela ka nyehelo e tlosang sebe, a etsetse motho eo ya hlwekiswang tefelo ya sebe, ka baka la ho se hlweke ha hae. Kamora mona o tla hlaba phoofolo ya nyehelo ya setjheso.
20. Moprista o tla nyehela ka nyehelo ya setjheso, le ka nyehelo ya phofo hodima aletare. O tla etsetsa motho eo tefelo ya sebe, mme e tla ba o hlwekile.
21. “Motho ha a futsanehile, mme a sitwa ho ntsha ho lokelang, o tla nka konyana e le nngwe e tona, hore e be nyehelo e tlosang molato, e be e sebediswe e le nyehelo e akgotswang ka baka la tefelo ya sebe sa hae; a nke le phofo e thumisehileng, e boima ba kilo e le nngwe, e budilweng ka ole, e le nyehelo ya phofo; le ole e ka etsang halofo ya lethara.
22. A nke le maebanakgorwana a mabedi, kapa madinyane a mabedi a maeba, ao a ka a fumanang. Le leng e tla ba la nyehelo e tlosang sebe, mme le leng e be la nyehelo ya setjheso.
23. “Ka letsatsi la borobedi o tla tlisa tsena ho moprista, monyakong wa Tente ya Morena, kapele ho Morena, ka baka la ho hlwekiswa ha hae.
24. Moprista o tla nka konyana ya nyehelo e tlosang molato, le ole e ka etsang halofo ya lethara, a di akgotse e le nyehelo e akgotswang kapele ho Morena.
25. O tla hlaba konyana ya nyehelo e tlosang molato, a nke a mang a madi a yona, mme ka wona a tlotse ntlha ya tsebe ya letsoho le letona la motho ya hlwekiswang, le monwana o motona wa letsoho la hae le letona, le monwana o motona wa leoto la hae le letona.
26. Moprista o tla qapiletsa ole ka seatleng sa letsoho la hae le letshehadi,
27. mme ka monwana wa bosupa wa letsoho la hae le letona a foke ka ole eo hasupa kapele ho Morena.
28. Ka ole e nngwe e ka seatleng sa hae, moprista o tla tlotsa ntlha ya tsebe ya letsoho le letona ya motho eo ya hlwekiswang, le monwana o motona wa letsoho la hae le letona, le monwana o motona wa leoto la letsoho la hae le letona; a tlotse hodima madi a phoofolo ya nyehelo e tlosang molato.
29. Ka ole yohle e setseng ka seatleng sa hae, moprista o tla tlotsa hlooho ya motho eo ya hlwekiswang, hore a mo etsetse tefelo ya sebe ho Morena.
30. Ka maebanakgorwana ao a mabedi, kapa ka madinyane a mabedi a maeba, ao motho a tsebileng ho a fumana,
31. moprista o tla etsa nyehelo e tlosang sebe ka le leng, mme ka le leng a etse nyehelo ya setjheso, a be a etse le nyehelo ya phofo. Moprista o tla etsetsa motho eo ya hlwekisitsweng tefelo ya sebe ho Morena.
32. Ona ke molao o etseditsweng motho ya tswileng lepera, ya sitwang ho fumana tse hlokwang hore a hlwekiswe.”
33. Morena a bua ho Moshe le ho Arone, a re:
34. “Ha le fihla naheng ya Kanana, eo ke le neang yona hore e be ya lona, haeba nka otla ntlo, eo le tla aha ho yona, ka lepera,
35. mong a ntlo eo o tla tla ho tsebisa moprista, a re: <Ho bonahala eka lelapa la ka le na le mofuta o itseng wa lefu.>
36. Moprista o tla laela hore ho ntshwe tsohle tse ka tlung eo, pele a ka kena ka ho yona ho ya hlahloba lefu leo, esere tsohle tse ka tlung tsa ba le sesila. Kamora moo, moprista o tla tla ho hlahloba ntlo.