52. Moprista o tla tjhesa seaparo sena sa lesela la lene, kapa se lohilweng ka boya, kapa phahlo efe le efe e entsweng ka letlalo, e nang le lefu lena. Ke lepera le tshwaetsang. Seaparo seo se tla tjheswa ka mollo.
53. “Ha moprista a hlahloba seaparo sena se entsweng ka lene, kapa se lohilweng ka boya, kapa phahlo efe le efe e entsweng ke letlalo, mme a bona hore lefu lena ha le a se anela,
54. o tla laela hore ho hlatsuwe ntho eo e nang le lefu lena, mme a boele a tlose seaparo seo diaparong tse ding kgetlo la bobedi ka matsatsi a supileng.
55. Ha se se se hlatswitswe, moprista o tla se hlahloba, mme ha a fumana hore ha ho na phetoho, le hoja lefu le sa anela seaparo, phahlo eo e sesila. E tjheswe ka mollo, e sesila kahohle.
56. “Ha seaparo se se se hlatswitswe, mme moprista a bona hore lefu lena le fodile, o tla tabola karolo ya seaparo e nang le lefu, e ka ba se entsweng ka letlalo, kapa ka lesela la lene, kapa se lohilweng ka boya.
57. Ha lefu lena le boela le hlaha hape seaparong sa lesela la lene, kapa se lohilweng ka boya, kapa phahlong efe le efe e entsweng ka letlalo, lefu leo le ntse le le matla; seaparo se nang le lefu lena se tjheswe ka mollo.
58. Ha seaparo sa lesela la lene, kapa se lohilweng ka boya, kapa phahlo efe le efe e entsweng ka letlalo, e se e hlatswitswe, mme lefu le nyamela ho yona, e tla hlatsuwa kgetlo la bobedi, mme e tla ba e hlwekile.”
59. Ona ke molao wa lefu la lepera le seaparong se lohilweng ka boya, kapa sa lesela la lene, kapa phahlong efe le efe e entseng ka letlalo, ho bona hore na e hlwekile kapa e sesila.