Meetlo 13:37-51 BIBELE (SSO89SO)

37. Empa haeba ho bonahala hore lefu lena ha le tswele pele, mme mohwete o motsho o metse teng, lefu lena la mmokwana le fodile. Motho eo o hlwekile, mme moprista o tla phatlalatsa hore motho eo o hlwekile.

38. “Haeba monna kapa mosadi a ena le mabadi a masweunyana a benyang,

39. moprista o tla a hlahloba. Haeba mabadi ana a benyang, a mmeleng a le bosweunyana bo fifetseng, mme a supa hore a a nyamela, e tla ba ke lekgophonyana feela; motho eo o hlwekile.

40. “Ha motho a foforeha moriri hloohong, o na le lefatla; o hlwekile.

41. Haeba motho a foforeha moriri phatleng, o na le lefatla phatleng, o hlwekile.

42. Ha motho enwa a eba le ditlapedi hodima lefatla le hara hlooho, kapa phatleng, hoo ke lepera le tswang hloohong, kapa phatleng.

43. Moprista o tla mo hlahloba, mme haeba hodima lefatla le hloohong kapa phatleng, ho ena le ditlapedi tse bofubedu bo bosweu, tse tshwanang le tsa lepera le bang teng mmeleng,

44. motho eo o na le lepera; o sesila. Moprista o tla phatlalatsa hore motho eo o na le sesila, o na le lepera le tswileng hloohong.

45. “Motho ya nang le lepera o tshwanetse ho apara diaparo tse maharaswa, moriri wa hae o hlanthollehe, a kwahele molomo o kahodimo, mme a howe, a re: <Ke na le sesila! Ke na le sesila!>

46. Ha a ntse a tshwerwe ke lefu lena, o tla ba le sesila, hobane ruri o sesila. O tla dula a le mong kantle ho diahelo.

47. “Haeba seaparo se ena le lefu la lepera, e ka ba seaparo sa boya, kapa sa lesela la lene,

48. kapa se entsweng ka lene, kapa boya, kapa eng le eng e entsweng ka letlalo,

49. mme seaparong sena se entsweng ka letlalo, kapa se entsweng ka lesela la lene, kapa ka boya, kapa seaparong sefe le sefe se entsweng ka letlalo, ho ena le botalanyana kapa bofubedunyana ba lefu lena, hoo ke lefu la lepera, mme le tla bontshwa moprista.

50. Moprista o tla hlahloba lefu lena, mme phahlo e nang le lefu lena e tla tloswa ho tse ding ka matsatsi a supileng.

51. Ka letsatsi la bosupa moprista o tla boela a hlahloba seaparo seo. Haeba lefu lena le anetse seaparo, kapa lesela la lene, kapa le lohilweng ka boya, kapa letlalo le sebediswang mosebetsing ofe kapa ofe, hoo ke lepera le tshwaetsang, mme seaparo seo se sesila.

Meetlo 13