15. Moprista o tla hlahloba sebebe, a phatlalatse hore motho eo o seila. Sebebe sena se sa hlwekang ke lefu la lepera.
16. Empa haeba sebebe se fetoha, se sweufala hape, motho eo a ye ho moprista hape.
17. Moprista o tla mo hlahloba, mme ha a fumana sebebe se sweufetse, o tla phatlalatsa hore lefu leo le fodile, motho eo o hlwekile.
18. “Ha motho a etswa lethopa mmeleng wa hae, leo kamora hore le fole,
19. le siyang kgoho e tshweu e kokomohileng, kapa lebadi le benyang le bofubedu bo bosweu, motho eo o tla itlhahisa ho moprista.
20. Moprista o tla le hlahloba, mme haeba lebadi leo le bonahala le phobetse, mohwete wa lona o sweufetse, moprista o tla phatlalatsa hore motho eo o sesila. Ke lefu la lepera le qalehileng ka mokgwa wa lethopa.
21. Empa ha moprista a mo hlahloba, mme a fumana hore ha ho mohwete o sweufetseng, kapa letlalo le phobetseng, empa lethopa le a fola, moprista o tla etsa hore motho eo a dule a le mong ka matsatsi a supileng.
22. Haeba lefu lena le anela mmele, moprista o tla phatlalatsa hore motho eo o sesila, o na le lepera.
23. Empa heaba lebadi leo le le bofubedu bo benyang, le sa anela mmele wohle, hoo ke lebadi la lethopa, moprista o tla phatlalatsa hore motho eo o hlwekile.
24. “Haeba motho a ena le sepatlo sa ho tjha, mme mollo ona o etswa, o etsa lebadi le lefubedu kapa le lesweu,
25. moprista o tla hlahloba motho eo. Haeba mohwete o sepatlong o sweufetse, mme ho bonahala ho phobetse, hoo ke lefu la lepera, le qalehileng ka ho tjheswa ke mollo. Moprista o tla phatlalatsa hore motho eo o sesila. Ke lefu la lepera.
26. Empa ha moprista a mo hlahloba, mme a fumana hore ha ho mohwete o sweufetseng lebading leo le benyang, kapa ha ho letlalo le phobetseng, feela lethopa le fola, moprista o tla etsa hore motho eo a dule a le mong ka matsatsi a supileng.
27. Ka letsatsi la bosupa moprista o tla mo hlahloba; haeba lefu lena le anela mmele, moprista o tla phatlalatsa hore motho eo o sesila; hoo ke lefu la lepera.
28. Empa haeba leqebeng leo ho sala lebadi le bofubedu bo benyang, le sa anelang mmele wohle, empa leqeba leo le fola, hoo ke lebadi la ho tjheswa ke mollo.