1. Morena a bua ho Moshe le ho Arone, a re:
2. “Ha motho a ka tswa lekukuma, kapa lekgopho, kapa setlapedi, mme ho bonahala eka hona ho tla iketsa lepera mmeleng wa hae, o tla tliswa ho moprista Arone, kapa ho e mong wa bara ba hae, bao e leng baprista.
3. Moprista o tla hlahloba lefu lena le mmeleng wa motho eo. Ha a bona hore mohwete o sweufetse, mme setlapedi sena se phobetse, hoo kelefu la lepera. Ha moprista a se a mo hlahlobile o tla phatlalatsa hore motho eo o sesila.
4. Empa haeba setlapedi sena se sa phobela, mme mohwete o hodima sona o sa sweufala, moprista o tla etsa hore motho eo a dule a le mong ka matsatsi a supileng.
5. Ka letsatsi la bosupa moprista o tla boela a mo hlahloba, mme ha a bona hore lefu ha le tswele pele, moprista o tla boela a etsa hore motho eo a se ke a dula le batho ba bang ka matsatsi a supileng.
6. Ka letsatsi la bosupa moprista o tla boela a mo hlahloba kgetlo la bobedi, mme ha a bona hore setlapedi se a fola, ha se anele mmele, moprista o tla phatlalatsa hore o hlwekile, ke lekgopho feela. Motho eo o tla hlatswa diaparo tsa hae, mme o tla hlweka.
7. Haeba lekgopho le bonahala hore le anela mmele, kamora hore motho enwa a itlhahise kapele ho moprista, hore a hlwekiswe, motho eo o tla boela a itlhahisa ho moprista kgetlo la bobedi.
8. Moprista o tla boela a mo hlahloba, mme haeba lekgopho lena le bonahala le ntse le anela mmele, moprista o tla phatlalatsa hore motho eo o sesila, hona ke lefu la lepera.
9. “Ha motho a tshwerwe ke lefu la lepera, o tla tliswa ho moprista.
10. Moprista o tla mo hlahloba, mme haeba ho ena le lekukuma le lesweu, le sweufaditse mohwete, mme lekukuma le etsa sebebe,
11. eba ke lefu la lepera le sa foleng, moprista o tla phatlalatsa hore motho eo o sesila. Ha a ka ke a mo kwalla, hobane o se a ntse a le sesila.
12. “Haeba lepera le anela mmele wohle, ho tloha hloohong ho isa maotong, le mmeleng wohle kamoo moprista a bonang kateng,
13. moprista o tla mo hlahloba, mme haeba lepera le anetse mmele wohle o tla phatlalatsa hore motho eo o hlwekile, mmele wa hae o sweufetse, mme o hlwekile.