Meetlo 12:1-4 BIBELE (SSO89SO)

1. Morena a bua ho Moshe, a re:

2. “Bolella bana ba Iseraele, o re: <Ha mosadi a ithwala, mme a beleha ngwana wa moshanyana, o tla ba sesila ka matsatsi a supileng, jwalokaha a ile dinakong tsa hae.

3. Ka letsatsi la borobedi ngwana o tla bolotswa ka ho pongwa leeko.

4. Jwale mosadi enwa o tla dula matsatsi a mashome a mararo a itlhwekisa lehatlelo la hae; a se ke a ama letho le halalelang, leha e le ho kena ka Sehalalelong, ho fihlela matsatsi a ho itlhwekisa ha hae a fela.

Meetlo 12