9. “ <Hara diphoofolo tse phelang ka metsing, le ka ja tse latelang: tsohle tse ka mawatleng kapa ka metsing a dinoka, tse nang le mapheo le mahehebu, le ka di ja.
10. Empa hara dibopuwa tsohle tse holobang, kapa tse sesang ka metsing, e ka ba tse ka mawatleng kapa ka dinokeng, tsohle tse se nang mapheo kapa mahehebu, ho lona ke manyala.
11. E tla ba manyala ho lona, mme nama ya tsona le se ke la e ja; ho lona le dififi tsa tsona e be manyala.
12. Tsohle tse ka metsing, empa di se na mapheo le mahehebu, ho lona ke manyala.
13. “ <Hara dinonyana le tla ila tsena; ha le na ho di ja, hobane ke manyala: ntsu, le seodi, le letlaka;
14. mmankgodi, le diphakwe ka mefuta ya tsona;
15. mefuta ya makgwaba;
16. mpshe, le kgohoyadira, le leholosiane, le mefuta ya diphakwe;
17. sephookwana, le seinodi, le morubisi;
18. makgohlo, le letata, le lenong;
19. mokotatsie, le dikokolofitwe ka mefuta ya tsona, le moholodi, le mmankgane.
20. “ <Dikokwanyana tsohle tse fofang, tse tsamayang ka maoto a mane, ho lona ke manyala.