Meetlo 11:7-24 BIBELE (SSO89SO)

7. Kolobe e na le dikgolana, empa ha e thuise; ka baka leo, ho lona ha e a hlweka.

8. Le se ke la ja nama ya tsona, le se ke la ama le dififi tsa tsona; ho lona ha di a hlweka.

9. “ <Hara diphoofolo tse phelang ka metsing, le ka ja tse latelang: tsohle tse ka mawatleng kapa ka metsing a dinoka, tse nang le mapheo le mahehebu, le ka di ja.

10. Empa hara dibopuwa tsohle tse holobang, kapa tse sesang ka metsing, e ka ba tse ka mawatleng kapa ka dinokeng, tsohle tse se nang mapheo kapa mahehebu, ho lona ke manyala.

11. E tla ba manyala ho lona, mme nama ya tsona le se ke la e ja; ho lona le dififi tsa tsona e be manyala.

12. Tsohle tse ka metsing, empa di se na mapheo le mahehebu, ho lona ke manyala.

13. “ <Hara dinonyana le tla ila tsena; ha le na ho di ja, hobane ke manyala: ntsu, le seodi, le letlaka;

14. mmankgodi, le diphakwe ka mefuta ya tsona;

15. mefuta ya makgwaba;

16. mpshe, le kgohoyadira, le leholosiane, le mefuta ya diphakwe;

17. sephookwana, le seinodi, le morubisi;

18. makgohlo, le letata, le lenong;

19. mokotatsie, le dikokolofitwe ka mefuta ya tsona, le moholodi, le mmankgane.

20. “ <Dikokwanyana tsohle tse fofang, tse tsamayang ka maoto a mane, ho lona ke manyala.

21. Leha ho le jwalo, hara dikokwanyana tsohle tse nang le mapheo, tse tsamayang ka maoto a mane, le ka ja tse nang le monoto wa ho qothoma hodima lefatshe.

22. Tsena le ka di ja: ditsie ka mefuta ya tsona, le bookgolane ka mefuta ya bona, le matjeketjane ka mefuta ya wona, le marutle ka mefuta ya wona.

23. Empa dikokwanyana tsohle tse nang le maoto a mane ho lona ke manyala.

24. “ <Tsena di tla le silafatsa, mme mang kapa mang ya amang dififi tsa tsona o tla silafala ho fihlela ka phirimana.

Meetlo 11