45. Ke nna Morena ya le nyolotseng naheng ya Egepeta, hore ke be Modimo wa lona; ka baka leo, le tla halalela, hobane ke a halalela.
46. “ <Ona ke molao wa diphoofolo, le wa dinonyana, le wa dibopuwa tsohle tse phelang, tse tsamayang kahara metsi, le wa dibopuwa tsohle tse hahabang hodima lefatshe.
47. Le kgetholle tse sa hlwekang ho tse hlwekileng, le diphoofolo tse phelang, tse ka jewang le tse ke keng tsa jewa.> ”